ESEKIELE 19

Kodi-ya-malla ya mahosana a Iseraele

1 “Llela mahosana a Iseraele,

2 o re:

tauhadi hara ditau!

Selao sa hae se ne se le hara ditau,

a hodisa madinyane a hae,

a a hodisetsa hara ditawana.

3 Le leng la madinyane a hae

a le hodisa, la fetoha tawana;

tawana ya ithuta ho tsoma

le ho harola,

ya harola, ya eba sejabatho.

4 Yaba ditjhaba di utlwela ka yona,

tsa e tjheha,

ya wela ka lemeneng la tsona,

tsa e tlama ka mahlaahlela,

tsa e isa naheng ya Egepeta.

5 “

hore e lebeletse lelea,

tshepo ya yona e se e bile e fedile,

ya nka le leng la madinyane a yona,

ya le hodisa, la fetoha tawana.

6 Dinyane la feresa

kahara ditau tse kgolo,

la hola, la ba la fetoha tawana;

tawana ya ithuta ho tsoma

le ho harola,

ya harola, ya eba sejabatho.

7 Qhobosheane tsa bona ya di heletsa,

metse ya bona le yona ya e ripitla.

Baahi bohle ba naha eo ba tshoha,

ba tshoswa ke tawana ha e puruma.

8 Yaba tjhaba di futuhela tawana,

tsa e futuhela di etswa kahohle;

tsa e tjhehela leraba e tle e tshwaswe,

mme ya wela ka lemeneng la tsona.

9 Tsa e kenya ka mokibeng

e le mahlaahlela,

tsa e isa ho kgosi ya Babilona;

tsa a hlahlela ka tjhankaneng

ho puruma ha yona

ho se ke ha utlwahala,

ho se utlwahale thabeng tsa Iseraele.

10 “

sefate sa morara,

fate se lenngweng

pela metsi a nwesetsang,

sa beha haholo,

makala a etsa makgasikgasi.

11 Makala a sona a nyanya hantle,

a etsetsa babusi mare a puso;

fate sa hola, sa lopalla hara makala,

sa lopalla, sa ebesela makala.

12 Empa sa fotholwa ka kgalefo,

sa fotholwa, sa dihelwa fatshe;

moya wa botjhabela

wa omeletsa tholwana tsa sona,

makala a sona a nyantseng

a ba a robeha,

a omella, mollo wa a tjhesa,

wa a fedisa.

13 Kajeno fate sena

se lenngwe hara lehwatata,

mobung o omeletseng, sebataolong.

14 Kutung ya sefate

ho ile ha qhoma mollo,

wa tjhesa makala,

wa tjhesa le tholwana tsa sona;

kahoo makala a nyantseng

ha se na wona,

ha se na le le ka etsang lere la puso.>

“Ena ke yona kodi-ya-malla, mme e tla nne e be kodi-ya-malla.”