ESEKIELE 15

Papiso ya sefate sa morara

1 Lentswe la Morena la fihla ho nna, la re:

2 “Wena ngwana motho,

fate sa morara se feta

fate tse ding kang?

Kala la wona le feta

la fate tsa moru jwang?

3 Na ebe lehong la sefate sa morara

le ka sebediswa

ho etsa ntho ya bohlokwa?

Na ebe ka lona ho ka etswa semapo,

hodima sona

yaba phahlo di a fanyehwa?

4 Ha le akgelwa mollong, le beswa,

ntlha tsa lona tse pedi di etjha,

bohare ba lona bo sala e le mashala,

na ho ka etswa

ntho ya bohlokwa ka lona?

5 Leha le ne le ntse le sa feletse,

ntho ya bohlokwa

e ne ke ke ya etswa ka lona;

jwale ha le se le tjhesitswe ke mollo,

le tjhele, le setse e le mashala,

na ho ka etswa

ntho ya bohlokwa ka lona?

6 “Ka baka leo,

Morena Modimo o bua tjena:

Fate sa morara

hara difate tsa moru,

mosebetsi wa sona ke ho besa mollo;

le baahi ba Jerusalema

ba tla ba jwalo!

7 Ke tla ba tiisetsa sefahleho,

ke ba lwantshe;

ba tla phonyoha mollong wa pele,

wa bobedi wona o ba tjhese,

o ba timetse;

kahoo le tla tseba

hoba ke nna Morena,

ha ke ba tiisetsa sefahleho,

ke ba lwantsha.

8 Naha ke tla e fetola, e be nanaola,

hobane ba ile

ba ntlhokela botshepehi,

Morena Modimo o bua jwalo.”