ESAYA 7

Molaetsa ho khosi Akase

1 Mehleng ya puso ya Akase, kgosi ya Juda, eo e neng e le mora wa Jotame, le setloholo sa Usiya, bo-Resine, kgosi ya Arame, le Peka, mora wa Remaleya, kgosi ya Iseraele, ba futuhela Jerusalema, empa ba se ke ba e hlola.

2 Ha bolellwa ba ntlo ya Davida, ha thwe: “Baarame ba se ba fihlile naheng ya ba morabe wa Efraime.” Akase le setjhaba sa hae ba tshoha haholo, ba thothomela sa difate di tsukutlwa ke moya.

3 Morena a re ho Esaya: “Wena le mora wa hao Sheara-Jashube,tsamayang le yo kgahlanyetsa Akase. Le tla mo fumana qetellong ya mosele wa metsi a letshana le kahodimo, tseleng e yang setsheng sa Mohlatswi wa Masela.

4 Le re ho yena:

5 Baarame le ba morabe wa Efraime, le mora wa Remaleya, ba rerile ho o timetsa, ba re:

6 “A re futuheleng Juda, re e haraswanye, re e arolelane, re bee mora wa Tabeele hore e be kgosi ya yona.”

7 Ka baka leo, Morena Modimo o re:

hona ho ke ke ha etsahala,

8 hobane Damaseka

ke motsemoholo wa Arame,

hlooho ya Damaseka

ke Resine feela.

Ho eso fete lemo tse mashome

a tsheletseng a metso e mehlano,

morabe wa Efraime

o tla bo so senyehile,

e se e se setjhaba.

9 Motsemoholo wa Efraime

ke Samaria,

hlooho ya Samaria

ke mora wa Remaleya feela.

ha le sa dumele

le ke ke la tiya.> ”

Sesupo sa Emanuele

10 Morena a boela a bua ho Akase, a re:

11 “Kopa Morena Modimo wa hao, hore a o etsetse sesupo se tswang tlasetlase, kapa hodimodimo.”

12 Empa Akase a re: “Nke ke ka kopa letho, nke ke ka bea Morena tekong.”

13 Yaba Esaya o re: “Mamelang lona ba ntlo ya Davida! Na ha ho a lekana ha le ntse le kgathatsa batho, ha e le moo le ntse le kgathatsa Modimo wa ka?

14 Ka baka lena, Morena ke yena ya tla le etsetsa sesupo. Bonang, morwetsana o tla emola, a tswale mora, mme o tla mo rea lebitso la Emanuele.

15 O tla ja lebese le mahe a dinotshi, ho fihlela a tseba ho kgesa bobe, a ikgethela ho lokileng.

16 Empa etlare moshanyana a eso tsebe ho kgesa bobe, le ho ikgethela ho lokileng, naha ya dikgosi tsena tse pedi, tseo o di tshabang, e tla fetoha nanaola.

17 “Wena le setjhaba sa hao, le ba ntlo ya ntatao, Morena o tla le tlisetsa nako e esong ho be teng ho tloha mohla ba morabe wa Efraime ba ikarolang ho ba morabe wa Juda. O tla tlisa kgosi ya Asiria.”

18 Mohlang oo Morena o tla letsa molodi o bitsang dintsintsi tse tswang hole, melatswaneng ya Egepeta, le dinotshi tse tswang naheng ya Asiria.

19 Di tla tla tsohle, di fihle di hahele dikgohlong tse tebileng, le mafarung a mafika, le hara difate tsohle tsa leoka, le hara makgulo wohle.

20 Mohla tsatsi leo, Morena o tla beola ka lehare le adimilweng kamose wane ho Noka,e leng kgosi ya Asiria. O tla beola dihlooho tsa lona, le mohwete o meomong ya lona, a le beole le ditedu.

21 Tsatsing leo motho o tla rua kgomo e le nngwe le dikgutshwane tse pedi,

22 empa o tla ja lebese, hobane di tla be di sisa haholo. Bohle ba tla sala naheng eo ba tla ja lebese le mahe a dinotshi.

23 Mohla tsatsi leo, hohle moo ho neng ho ena le difate tsa morara tse sekete, tseo theko ya tsona e leng silefera e ka etsang boima ba dikilo tse leshome le metso e mmedi le halofo, ho tla mela hlabahlabane le meutlwa.

24 Batho ba tla tsamaya ba nkile diqha le metsu, hobane naha e tla be e kwahetswe ke hlabahlabane le meutlwa.

25 Maralla wohle a neng a lemilwe, ho ke ke ha hlola ho uwa ho wona, ka baka la ho tshaba hlabahlabane le meutlwa, empa e tla ba moo ho kgaphelwang dikgomo teng, le moo dinku di sollang teng.