ESAYA 62

Lebitso le letjha la Sione

1 Ka baka la Sione

ha nka ke ka kgutsa,

ka baka la Jerusalema

ha nka ke ka phomola,

ho fihlela

ho loka ha yona ho kganya

ho kganya sa mafube a meso,

topollo ya yona

e tshwana le lebone le tukang.

2 Baditjhaba ba tla bona

ho loka ha hao,

dikgosi tsohle di bone

tlotla ya hao;

wena o tla bitswa

ka lebitso le letjha,

leo o tla la rewa

ke Morena ka seqo.

3 Matsohong a Morena

o tla ba mofapahlooho wa tlotla,

matsohong a Morena

o be moqhaka wa bokgosi.

4 Ha o ka ke wa hlola

o bitswa Molahluwa,

kapa naha ya hao e bitswe Nanaola;

empa o tla bitswa Monnyakalatsi,

naha ya hao e bitswe Monyaduwa,

hobane Morena o thabiswa ke wena,

naha ya hao

e tla ba mohatsa Morena.

5 Jwalokaha mohlankana

a nyala morwetsana,

bara ba hao le bona

ba tla o nyala;

jwalokaha monyadi

a thabela monyaduwa,

Modimo wa hao le yena

o tla o thabela.

6 “Ke beile balebedi

hodima marako a hao,

wena Jerusalema,

ba ke keng ba kgutsa

motsheare le bosiu:

Lona ba rapelang Morena

le se ke be la kgutsa,

7 Morena le se ke be la mo fa phomolo,

ho fihlela a hlomamisa Jerusalema,

a etsa hore lefatsheng mona

e be Sebabatso!

8 “Morena o hlapantse

ka tsoho le letona la hae,

a hlapanya

ka matla a tsoho la hae, a re:

ke fana ka mabele a hao,

ke a nea dira tsa hao

hore e be dijo tsa tsona;

baditjhaba ha ba ka ke ba hlola,

ba enwa veine ya hao,

veine eo o e sebeleditseng ka thata.

9 Ba kotulang mabele

ke bona ba tla a ja,

ba a je, ebe ba rorisa Morena;

ba kgang morara

ke bona ba tla nwa veine,

ba e nwelle mabaleng,

mabaleng a Sehalalelo sa ka.> ”

10 Tswang! Tswang!

ka dikgoro tsa motse,

le lokise tsela ya tjhaba sa ka;

batalatsang, batalatsang mmila,

le suthise majwe,

le phahamisetse

ditjhaba tsohle mokgele.

11 Morena o entse phatlalatso,

a e etsa ho ya fihla dipheletsong,

pheletsong tsa lefatshe:

“Bolellang moradi wa Sione,

le re:

o sa le tseleng,

o tla a nkile moputso wa hae,

phetetso ya hae

e mo eteletse pele.> ”

12 Ba tla bitswa tjhaba se halalelang,

ba bitswe balopollwa ba Morena;

wena o tla bitswa Mpatlwane,

o bitswe motse o sa furallwang.