ESAYA 59

Moporofeta o nyatsa dibe tsa setjhaba

1 Tsoho la Morena

ha le lekgutshwanyane,

hoo a ke keng a pholosa;

tsebe ya hae ha e a thibana

hoo a ke keng a utlwa.

2 Empa makgopo a lona

a le arohantse le Modimo wa lona,

dibe tsa lona

di patile fahleho sa hae,

e le hore a se ke a le utlwa.

3 Matsoho a lona

a kganathetse madi,

menwana ya lona

e silafaditswe ke bokgopo.

Le buile leshano

ka melomo ya lona,

maleme a lona a buile tse kgopo.

4 Ha ho le ya mong ya batlang toka,

ha ho le ya mong

ya buang nnete dinyeweng;

ba tshepa dikgang tsa mafeela,

ba bua leshano;

mehopolo ya bona e mebe,

mme e tswala bokgopo.

5 Ba qhotsisa mahe a marabe,

ba lohe dikgwele

tse kang tsa bolepo ba sekgo;

ya jang mahe a marabe o a shwa,

ha le leng le pshatlwa,

ho tswa marabe.

6 Bolepo ba bona

bo ke ke ba fetoha diaparo,

ba ke ke ba ikapesa

ka tseo ba di etsang.

Mesebetsi ya bona

ke mesebetsi e kgopo,

ka ketso tsa bona

ba tsosa moferefere.

7 Maoto a bona

a ba mathisetsa sebeng,

a bobebe ho tsholla madi

a se nang molato,

menahano ya bona

ke menahano e kgopo,

mehlaleng ya bona

ke mophula wa tshenyo,

le wa timetso.

8 Tsela e isang kgotsong

ha ba e tsebe,

mehlaleng ya bona

toka ha e fumanwe.

Tsela tsa bona

ke tse matswedintsweke,

ya tsamayang ho tsona

a ke ke a fumana kgotso.

Setjhaba se ipolela dibe tsa sona

9 Ka baka leo, toka e hole le rona,

le ho loka ha ho fihle ho rona.

Re batla lesedi,

empa re bona lefifi,

re batla kganya,

empa re tsamaya lefifing.

10 Re phopholetsa mabota

jwaloka batho ba difofu,

re phopholetsa tsela

jwalokaha eka ha re na mahlo,

re kgothometseha

hara motsheare wa lengeta

jwalokaha eka ke ka shwalane;

hara ba phelang

rona re jwaloka bafu.

11 Bohle re puruma jwaloka dibere,

re lla habohloko jwaloka maeba.

Re batla toka,

empa ha re e fumane,

re batla topollo,

empa e holehole le rona.

12 Re ditshito di ngata mahlong a hao,

re ahlolwa ke bopaki

ba dibe tsa rona.

Ditshito tsa rona

di re maname kamehla,

bokgopo ba rona

re bo tseba hantle:

13 Ke ho sitelwa Morena

le ho bua leshano,

ke ho furalla Modimo wa rona,

ho kgothaletsa bohatelli

le bofetohedi,

ho nahana leshano

le ho le bua ka pelong tsa rona.

14 Kahoo toka e tjhetjhiswa kasanthao,

ho loka ho emeletse hole le rona;

diterateng nnete ha e sa le yo,

botshepehi le bona

ha bo sa fumanwa.

15 E, nnete e fela e lahlehile,

ya furallang bokgopo

o etswa hampe.

Morena o itokisetsa ho lopolla setjhaba sa hae

Tsena tsohle Morena a di bona,

a se ke a thabiswa ke bosiyo ba toka.

16 Morena a bona hore ha ho na motho,

a makala ha a bona

ho se ya kenang dipakeng;

ka matla a hae a hlola dira tsa hae,

ho loka ha hae ha mo tshehetsa.

17 Ho loka ha sireletsa sefuba sa hae,

hloohong a rwala

katiba ya tshepe ya pholoho;

a apara diaparo tsa boiphetetso,

tjheseho ya eba yona kobo ya hae.

18 O tla ba putsa

ho ya ka diketso tsa bona,

a halefele dira tsa hae

a be a di otle,

ba dihlekehlekeng

a ba nee moputso wa bona.

19 Bitso la Morena le tla tshajwa,

le tshajwe ho tloha bophirimela,

tlotla ya hae e tshajwe,

e tshajwe ho tloha botjhabela.

Ha sera se futuha jwaloka sekgohola,

Moya wa Morena

o tla se lelekela hole.

20 “Mopholosi o tla tla Sione,

a tle ho ba Jakobo

ba bakelang dibe tsa bona,”

ho rialo Morena.

21 “Ha e le nna,” ho rialo Morena, “selekane sa ka le bona ke sena: Moya wa ka o leng ho wena, le dipolelo tsa ka tseo ke itseng o di bue, di ke ke tsa fela molomong wa hao le melomong ya bana ba hao, le melomong ya ditloholo tsa hao ho tloha jwale le kamehla yohle,” ho rialo Morena.