Medimo ya bohata ha e na thuso
1 Batho ba lokileng ba a timela,
ha ho le ya mong
ya keng a nahane hona;
ba nang le tumelo
le bona ba a fediswa,
ha ho ya utlwisisang hona:
Ba lokileng
ba balehisetswa bobe bo tlang.
2 Ba hlokang kodi
ba tla itjhwella ka kgotso,
ba iphomolele hamonate
lefung la bona.
3 “Lona bana ba baloi
atamelang mona,
le lona bana ba difebe,
le lona ba diotswa!
4 Eo le mo somang ke mang?
Eo le mo nyekoletsang melomo,
maleme a leketlile, ke mang?
Na hase lona
bana ba mahlabaphiyo,
lona bana ba batho ba leshano?
5 Le sebeletsa medimo ya bohata
ka ho etsa bohlola,
le bo etsa
le le tlasa difate tse talana,
ka dikgohlong le ka mahaheng
le etsa mahlabelo a setjheso
ka bana ba lona.
6 Majwe a boreledi, a dinokana,
ke yona medimo ya lona,
e, efela e le yona kabelo ya lona.
Medingwana ena
le e etsetsa nyehelo ya dino,
le bile le e etsetsa
le nyehelo ya dijo.
Ebe na tse tjee di ka nthabisa?
7 Mealo ya lona
e hodima thaba tse phahameng,
thabeng tse hodimo,
ke moo le nyolohelang teng
ho ya etsa mahlabelo.
8 Kamora mamati
le dikosene tsa lona,
ke moo le entseng meupello,
la mphuralla,
la apola bofeela ba lona,
la kena diphateng,
la ithabisa ka ho etsa bohlola,
la iketsetsa setswalle
le bao le ba ratang,
la ba la tadima bofeela ba bona.
9 La itlotsa ka ole
e nang le menkwane,
la ba la ya ho kgosi,
la romela maqosa a lona
naheng tse hole,
la ba la a romela Nqalong ya Bafu.
10 Maeto a lona a malelele
a le baketse mokgathala,
empa la sitwa le ho re:
Le nnile la fumana mekgwa
ya ho imatlafatsa,
kahoo ha le a ka la kgathala.
11 “Eo le mo tshohang ke mang,
eo le mo tshabang hakaale, ke mang,
hoo le ileng
la ntlhokela botshepehi,
la ba la sitwa le ho nkgopola,
kapa hona ho nnahana
ka pelong tsa lona?
Na hase hobane
e le kgale ke kgutsitse,
ha e le moo le se le sa ntshabe?
12 Ke tla pepesa mesebetsi ya lona,
mesebetsi eo lona le reng e lokile;
empa ha e ka ke
ya le tswela molemo.
13 Ha le ipiletsa, le batla thuso,
ereng medingwana ya lona
e mengata e le thuse!
Kaofela ha yona moya o tla e fefola,
moyana o fokolang o e pheule.
Empa ya nketsang setshabelo sa hae,
fatshe la pallo e tla ba lefa la hae,
a rue thaba ya ka e halalelang.”
Modimo o tshedisa ba swabelang dibe tsa bona
14 Lentswe le tla re:
“Katang, katang,
le batalatse mmila!
Tlosang se kgopang
tseleng ya tjhaba sa ka!”
15 Ya phahameng, ya hodimodimo,
yena ya phelang kamehla yohle,
eo lebitso la hae le halalelang, o re:
“Ke phela bakeng se phahameng,
bakeng se halalelang,
ya robehileng moya,
ke phela le yena,
le ya ikokobeditseng
ke phela le yena,
ke kgothatsa ya ikokobetsang,
ke kgothatsa ya robehileng moya.
16 Ha ke na ho qosa kamehla yohle,
kapa hona ho halefa kamehla,
ho seng jwalo
ba kapele ho nna ba ka tepella,
e leng batho bao ke ba bopileng.
17 Ka baka la sebe sa bona
ke ile ka ba halefela,
ka ba otla,
ka ba patela fahleho sa ka ke halefile;
empa ba nna ba tswela pele
mekgweng ya bona e kgopo.
18 Tsela tsa bona ke di bone,
ke tla ba phekola;
ke ba tsamaise,
ke tshedise ba llang,
19 ke etse hore
maleme a bona a bine dithoko:
ho ba hole le ba haufi!> Ke tla ba fodisa,” ho riala Morena. 20 Ba kgopo ba tshwana le lewatle le tuduana, le tuduana le se na kgotso, maqhubu a lona a akgela seretse le ditshila lebopong. 21 “Kgotso ha e yo ho ba kgopo,” ho rialo Modimo wa ka.