Babilona e a ahlolwa
1 “Theoha teroneng,
o dule leroleng,
Wena morwetsana,
moradi wa Babilona;
itulele fatshe,
o theotswe teroneng,
wena moradi wa Bakalatiya.
Ha o sa tla bitswa ya bonojwana,
ya bokotswang.
2 Nka lelwala, o sile phofo,
lesira la hao lona o le role.
Nyolla mese ya hao,
ditlhafu di hlahe,
ebe jwale o tseba ho tshela dinoka.
3 Bofeela ba hao bo tla pepeseha,
dihlong tsa hao di se ke tsa pateha.
Ke tla iphetetsa,
ha ke na ho qenehela motho.”
4 Molopolli wa rona
bitso la hae ke Morena wa mabotho,
ke Ya Halalelang wa Iseraele.
5 “Dula o kgutsitse,
o kene hara lefifi,
wena moradi wa Bakalatiya,
ha o sa tla bitswa
mofumahadi wa mebuso.
6 “Ke ne ke halefetse setjhaba sa ka,
ka hlompholla lefa la ka;
ka neelana ka sona
matsohong a hao,
mme wena wa se hlokela mohau.
Esita le maqheku ao e se le mobu,
wa a belesa joko e boimahadi.
7 “Yaba wena o re:
ke be yena kamehla yohle!> Empa tsena ha wa ka wa di nahana, kapa wa hopola pheletso ya tsona. 8 “Jwale mamela, wena ya ratang boithabiso, wena ya iphelelang a sa natse letho, wena ya ntseng a ithetsa, ka ho re: ha ho pohopedi ntle ho nna! Nke ke be ka ba mohlolohadi le kgale, le ho shwelwa ke bana nke ke ka ho tseba!> 9 Empa tsena tse pedi di tla o kgaoletsa, ka ho panya ha ntshi, ka tsatsi le le leng: Ho shwelwa ke bana le ho ba mohlolohadi. Di tla o wela hodimo ka matla a maholo, di sa re letho ka boloi ba hao, di sa re letho ka boreba ba hao. 10 “O ile wa thepa bokgopo ba hao, wa ba wa re: Wa kgeloswa ke bohlale le tsebo ya hao, ka pelong ya hao wa ithetsa, wa re: ha ho pohopedi ntle ho nna!> 11 Kahoo o tla welwa ke koduwa hodimo, ha o na ho tseba le ho e upa; o tla welwa ke bomadimabe hodimo, o ke ke wa tseba ho bo qhelela thoko; timelo le yona e tla o wela hodimo, e o tsometse o sa ka wa tseba. 12 “Itswelle pele ka boreba ba hao, le ka boloi ba hao bo se nang palo, boo esale o bo emella ho tloha botjheng ba hao! Mohlomong bo tla o tlisetsa katleho, mohlomong ka bona o tshose dira tsa hao! 13 O ikgathaditse feela ka keletso tse ngatangata! Jwale bitsa balepi ba hao, balepi ba hao ba dinaledi, dinohe tse o senolelang diketsahalo, tsa kgwedi le kgwedi, di ke di o pholose ho tsena tse o tlelang. 14 “Ha e le bona, ba tla tshwana le dirite feela mollo o tla ba tjhesa, ba tjhelle lore! Ba ke ke ba ipholosa kganareng ya malakabe, ana hase mashala a ka futhumetsang motho, ona hase mollo o ka orwang ke motho. 15 Ke sona feela seo ba ka o etsetsang sona, bana bao o sebeditseng le bona, bao esale o hweba le bona ho tloha botjheng ba hao. E mong le e mong o ikela ka tsela ya hae, ha ho le ya mong wa bona ya ka o pholosang.”