Medimo ya Babilona ya bohata
1 Bele o a ketoha,
Nebo o kgatheng la ho wa,
medingwana ya bona
e bofilwe hodima dipelesa.
Medingwana eo e bofilweng e boima,
e imela dipelesa tse kgathetseng.
2 E kgatheng la ho wa,
e ketoha hammoho,
e sitwa ho ithola morwalo,
medingwana eo le yona
e ya bothopuweng.
3 “Mmameleng
lona ba ntlo ya Jakobo,
lona masalla wohle
a ntlo ya Iseraele,
lona bao ke le sikileng
ho tloha mohla le tswalwang,
lona bao ke le pepileng
ho tloha mohla le tswalwang.
4 Ho fihlela boqhekung ba lona
ha ke eso fetohe,
ke tla nne ke le pepe
ho fihlela le eba bo-raputswe.
Ke nna ya le bopileng,
mme ke tla nne ke le sike,
ke tla nne ke le pepe,
ke le namolele.
5 “Jwale le tla ntekanya le mang,
le nketse thaka ya hae?
Le tla ntekanya le mang
hore ke tle ke tshwane le yena?
6 Ba bang ba ntsha kgauta
ka mekotleng ya bona,
ebe ba bea silefera sekaleng,
ba hira lelala la kgauta
ho etsa setshwantsho,
tshwantsho sa modimo wa bohata,
ba se obamele, ba se kgumamele.
7 Ba a se nka,
ba se jare ka mahetla a bona,
ba se bee tulong tsa sona,
se eme teng;
moo se emeng teng
se ke ke sa sisinyeha.
Leha motho a ka ipiletsa ho sona
ha se mo arabe,
leha e le hona ho mo pholosa
tsietseng ya hae.
8 “Hopolang taba ena,
e tsitse kelellong tsa lona,
le nne le e hopole, lona bakwenehi.
9 Hopolang taba tsa boholoholo
taba tsa kgale,
ke nna Modimo,
ha ho na e mong;
ke nna Modimo,
ha ho ya tshwanang le nna.
10 Ho tloha qalehong
ke tsebisitse batho tsa ho qetela,
ho tloha mehleng ya boholoholo
ka ba tsebisa,
ka ba tsebisa tse tla etsahala,
ka re: ke tla etsa tsohle tseo ke di ratang.> 11 Ke bitsa lenong le etswa botjhabela, e leng motho ya tswang naheng e hole, ke mmitsetsa ho tla phetha thato ya ka. Seo ke se boletseng ke tla se phetha, seo ke se rerileng ke tla se etsa. 12 Mmameleng, lona ba pelo di thata, lona ba leng hole le ho loka. 13 Ho loka ha ka ke ho tlisa haufi, ebile ha ho sa le hole haholo, ho pholosa ha ka ho ke ke ha dieha. Sione ke tla e pholosa, Iseraele ke e tlotlise.