Morena o kgetha Siruse
1 “Morena o bua tjena
ho motlotsuwa wa hae,
e leng Siruse eo ke utlileng
tsoho la hae le letona,
hore a kokobetse
tjhaba tse kapele ho yena.
Nna ke tla amoha dikgosi
matla a ho lwana,
ke bule mamati a kapele ho yena,
menyako ya wona
e se hlole e kwalwa.
2 Ke tla o etella pele,
ke batalatse dithaba,
menyako ya lethose ke e thuake,
mekwallo ya tshepe ke e robake.
3 Ke tla o nea matlotlo
a patilweng hara mafifi,
maruo a patilweng
dikgotjheletsaneng,
o tle o tsebe hore ke nna Morena,
Modimo wa Iseraele,
ya o bitsang ka lebitso.
4 Ka baka la Jakobo,
mohlanka wa ka,
ka baka la Iseraele,
mokgethwa wa ka,
ke o bitsitse ka lebitso la hao,
ka o rea bitso le hlomphehang
leha o sa ka ntseba.
5 “Ke nna Morena, ha ho na e mong,
kantle ho nna ha ho na Modimo.
Ke tla o matlafatsa,
le hoja o sa ntsebe,
6 e le hore ho tloha botjhabela
ho ya bophirimela
tjhaba di tsebe
hore ha ho e mong kantle ho nna.
Ke nna Morena, ha ho na e mong.
7 Ke etsa lesedi, ke etsa lefifi,
ke a pholosa ke be ke timetse,
nna Morena,
tsena tsohle ke a di etsa.
8 “Lona mahodimo
theolelang toka lefatsheng,
maru a ke a nesetse lefatshe,
a le nesetse ho loka,
lefatshe le tle le itsibole,
ho tle ho hlahe
tholwana tsa pholoho,
toka e hole hammoho le tsona;
nna Morena, tsena di entswe ke nna.”
Morena ke Mmopi wa tsohle
9 “Ho madimabe
ya tsekisanang le Mmopi wa hae,
yena e leng lengetana
hara mangetana!
Na letsopa
le ka re ho sebopi sa lona:
Na mosebetsi wa hao o ka re:
10 Ho madimabe ya reng ho ntatae:
Kapa ya reng ho mmae:
11 “Morena, Ya Halalelang wa Iseraele,
Mmopi wa hao o bua tjena:
Na o ka mpotsa tse tla etsahala
ho bana ba ka?
Kapa wa ntaela mabapa
le mosebetsi wa matsoho a ka?
12 Ke entse lefatshe
ka ba ka le bopela motho,
esita le mahodimo
ka a ala ka matsoho a ka,
le dinaledi tsohle tsa lehodimo
di laelwa ke nna.
13 Ka ho loka ha ka
ke susumeditse Siruse,
tsela tsa hae tsohle
di tla otlollwa ke nna.
O tla tsosa marako a motse wa ka,
a be a lokolle bathopuwa ba ka,
a ba lokolle
ntle ho theko kapa moputso,”
ho rialo Morena wa mabotho.
14 Morena o bua tjena:
“Matlotlo a Egepeta
le thepa ya kgwebo ya Kushe,
le banna ba diqhobane
ba naha ya Sheba,
ba tla ineela ho wena
e be ba hao;
ba hulane kamora hao
ba tlanngwe ka mahlaahlela.
Ba tla o obamela,
ba o rapele, ba re:
ha ho Modimo e mong ntle ho yena.> ” 15 Ruri o Modimo ya ipatileng, wena Mopholosi, Modimo wa Iseraele. 16 Bohle ba etsang medimo ya bohata ba tla hlajwa ke dihlong, ba tlontlolohe, ba ferekane kaofela ha bona. 17 Empa Iseraele o tla pholoswa ke Morena, a mo pholose ka pholoho ya mehla yohle, le ka mohla a ke ke a hlajwa ke dihlong, kapa a tlontloloha kamehla yohle. 18 Morena, Mmopi wa mahodimo, yena Modimo ya bopileng lefatshe, a le etsa, yena ya ileng a le tsitsisa, yena ya sa kang a le bopela lefeela, ya le bopetseng hore ho phelwe ho lona, o bua tjena: “Ke nna Morena, ha ho na e mong. 19 Ha ke a bua sephiring, kgotjheletsaneng tse lefifi, ha ke a ka ka re ho ditloholo tsa Jakobo: Nna Morena, ke bua ho lokileng, nna ke bolela tse nepahetseng.” 20 “Kgobokanang, le tle, le atameleng mmoho, lona ba phonyohileng ho baditjhaba, dithoto ting! le tsamayang le jere, le jere medimo ya bohata, ya lehong, lona ba rapelang medimo e ke keng ya le pholosa. 21 Atamelang le bolele taba tsa lona, tlisang medimo ya lona e eletsane. Ke mang ya boletseng see e sa le kgale? Ke mang ya se phatlaladitseng mehleng e fetileng? Na e ne e se nna Morena? Ha ho modimo e mong kantle ho nna, Modimo ya lokileng le Mopholosi; ha ho e mong haese nna feela. 22 “Sokolohelang ho nna, le tle le pholohe, lona dipheletso tsohle tsa lefatshe; ke nna Modimo, ha ho na e mong. 23 Ke hlapantse ka nna, molomo wa ka o buile ka ho loka, lentswe la ka le ke ke la fetohelwa. Mangwele wohle a tla nkgumamela, maleme wohle le wona a ikane ka nna. 24 “Batho bohle ba tla bua ka nna, ba re: di ho Morena a inotshi.> Bohle ba ileng ba mo halefela, ba tla tla ho yena, ba hlabiswe dihlong. 25 Empa ho Morena ditloholo tsohle tsa Iseraele di tla fumanwa di lokile, mme di nyakalle.”Morena wa lefatshe