ESAYA 38

Ho kula le ho fola ha kgosi Hesekiya

1 Mehleng eo Hesekiya a kulela lefu. Yaba moporofeta Esaya, mora wa Amose, o fihla ho yena, o re: “Morena o bua tjena:

2 Jwale Hesekiya a retelehela leboteng, a rapela Morena, a re:

3 “Oho, Morena, ke a o kopa: Ako hopole kamoo ke o sebeleditseng kateng ka botshepehi, le ka pelo e se nang mano, mme ka etsa tse lokileng mahlong a hao.” Yaba Hesekiya o lla habohloko.

4 Lentswe la Morena la fihla ho Esaya, la re:

5 “Eya, o bolelle Hesekiya, o re:

6 Wena le ba motse ona, ke tla le namolela matsohong a kgosi ya Asiria. Motse ona ke tla o sireletsa.

7 “

8 Moriti wa letsatsi o hodima letlapa le supang nako, le entsweng ke Akase, ke tla o tjhetjhisetsa morao ka mehato e leshome.> ” Yaba moriti o tjhetjhella morao ka mehato e leshome eo o neng o se o e tsamaile.

9 Yare hoba Hesekiya, kgosi ya Juda, a fole, a ngola sefela sena, a re:

10 “Ke ne ke itse:

Ke tla falla ke sa le motjha,

ke theohele kgorong

ya Nqalo ya Bafu,

hobane ke amohilwe

lemo tsa bophelo ba ka,

tse sa setseng.”

11 Ka ba ka re:

“Ha ke sa tla bona Morena

fatsheng la ba phelang,

le motho ha ke sa tla mmona

hara baahi ba lefatshe.

12 Leaho la ka le qhaqholotswe,

le tlositswe ho nna,

le qhaqholotswe

jwaloka motebo wa modisana.

Tshiu tsa ka di kgaotswe

sa selohi se kgaola dikgwele,

kgwele tse lohang lesela,

tsa ba tsa kgaolwa

jwalokaha tshwele e kgaolwa.

Ka dinako tsohle

ke ne ke re o tla ntimetsa.

13 Ka sesa bosiu

ke ntse ke lla ke bohloko,

jwalokaha eka tau e nthoba masapo,

ka dinako tsohle

ke ne ke re o tla ntimetsa.

14 Ka lla sa lefokotsane

kapa sa moholodi,

ka kuruetsa sa leebana-kgorwana.

Mahlo a ka a kgathetse

ke ho lelalela hodimo,

Morena, ke ditlallong,

tloo, o tlo nthusa.”

15 Empa jwale ke tla reng?

O buile ho nna,

sena se entswe ke yena,

ke tla ikokobetsa ka lemo tsohle

ha ke ntse ke phela,

le hoja pelo ya ka yona e le bohloko.

16 “Morena, batho ba phela

hara tse jwalo,

moya wa ka le wona

o matlafatswa ke tsona;

aku mpuseletse bophelo,

ke tle ke phele.

17 Bohloko ba pelo ya ka

bo fetohile pholoho,

rato la hao

le mphemisitse lemena la timelo,

o furaletse dibe tsohle tsa ka.

18 Nqalo ya Bafu e ke ke ya o rorisa,

lefu le ke ke la o binela pina,

ba theohelang lebitleng

ha ba ka ke ba o tshepa.

19 Ke ya phelang, ya phelang feela,

ya ka o rorisang jwaloka nna.

Ntata bana o ba ruta

tsa botshepehi ba hao.

20 Morena ke yena ya tla mpholosa;

ka matsatsi wohle

a ho phela ha rona,

re tla mminela ka diletsa

tse nang le dikgwele,

re mminele

re le ka Tempeleng ya hae.”

21 Yaba Esaya o re: “Tlisang polokwana ya mangangajane a feiye, le e tlamelle hodima lethopa, mme o tla fola.”

22 Hesekiya a botsa, a re: “Pontsho ya hore ke tla nyolohela Tempeleng ya Morena e tla ba efe?”