ESAYA 35

Thabo ya ba lopolotsweng

1 Lehwatata le letswatlare

di tla thaba,

lefeella le nyakalle,

palesa di thunye.

2 Hwatata le tla thunya haholo,

le bine ka thabo, le fumane tlotla

e kang ya Lebanone,

botle e ke ba Karamele

le ba Sharone;

batho ba tla bona tlotla ya Morena,

ba bone le botle

ba Modimo wa rona.

3 Matlafatsang matsoho a fokolang,

le tiise le mangwele a rerekelang;

4 ho ba pelo di tshohileng le re:

“Matlafalang, le se ke la tshaba,

bonang, Modimo wa lona

o tla ho le phetetsa,

Modimo ke yena

ya tla otla dira tsa lona,

Modimo o tla tla, a le pholose.”

5 Mahlo a difofu a tla tutubollwa,

ditsebe tsa bo-tutu di thibollwe;

6 sehlotsa se tla tlola

se tlole jwaloka kgama,

leleme la semumu le bine ka thabo.

Metsi a tla phorosela hara lefeella,

melatswana e phalle hara lehwatata.

7 Hlabathe le tjhesang

le tla fetoha letsha,

diba di kopotse mobung o ommeng.

Moo e ne le dilao tsa diphokojwe

ho tla mela jwang, le lehlaka, le lodi.

8 Mmila o moholo o tla ba teng moo,

o rewe lebitso la Tsela ya Kgalalelo.

Baetsadibe ba ke ke

ba tsamaya ka yona,

e tla ba ya ba lokelang ho e tsamaya,

ba ke ke ba lahleha leha e le dithoto.

9 Tseleng tau e ke ke ya eba teng,

batana se bohale

se ke ke sa e tsamaya,

ha ho le se seng

se tla bonwa ho yona,

balopollwa ke bona feela

ba tla e tsamaya.

10 Balopollwa ba Morena

ba tla kgutla ka yona,

ba kene Sione ba bina ka nyakallo,

thabo ya kamehla

e be mefaphahlooho ya bona,

thabo le nyakallo di ba aperele,

maswabi le masisipelo

wona a ba tlohele.