ESAYA 3

Jerusalema le Juda di a ahlolwa

1 Bonang Morena,

Morena mabotho,

o kgatheng la ho amoha

Jerusalema le Juda,

tsohle tseo di iphedisang ka tsona,

a di amohe dijo tsohle

le metsi wohle.

2 O tla di amoha

mohale le mohlabani,

moahlodi le moporofeta,

senohe le moholo wa setjhaba;

3 le molaodi wa bahlabani le lehosana,

moeletsi le setsebi sa mesebetsi,

le ya hlalefetseng ho upella.

4 Baokamedi ba bona

e tla ba bashanyana,

tlokotsebe tsa bana

e be babusi ba bona.

5 Batho bohle ba tla hatellana,

motho ka mong a hatelle e mong,

ba ahisaneng le bona ba hatellane.

Batjha ba tla tsohela

baholo ba bona matla,

ba eisehang ba tsohele

batlotlehi matla.

6 Motho o tla tshwara

e mong wa bana babo,

a mo tshware

a le lapeng labo, a re:

“O na le seaparo,

eba mmusi wa rona,

masupi ana a ke a buswe ke wena!”

7 Mohlang oo eo o tla meketsa, a re:

“Ha nka ke ka ba pheko ya lona,

lapeng ha ka

ha ke na dijo le seaparo,

o ke ke wa nketsa mmusi,

mmusi wa tjhaba sena!”

8 Jerusalema e kgothometsehile,

Juda yona e se e putlame fatshe;

Polelo le ketso tsa tsona

di fetohetse Morena,

di kgopisa mahlo a tlotlehang a hae.

9 Fahleho tsa tsona di a di qosa,

di ipoletse sebe sa tsona

jwaloka Sodoma,

le ho se pata di sitwa ho se pata.

Di madimabe hakaakang!

Koduwa ena di imemetse yona!

10 Tsebisa ba lokileng

hore tsohle di tla loka,

ba tla ja ditholwana

tsa mesebetsi ya bona.

11 Ho madimabe ba kgopo,

hobane koduwa

e tla ba wela hodimo,

ba putswe

ho ya ka mesebetsi ya bona.

12 Batjha ba hatella tjhaba sa ka,

basadi ke bona babusi ba sona;

tjhaba sa ka,

badisa ba lona ba a le kgelosa,

ba le faposa tseleng ya lona.

Morena o ahlola setjhaba sa hae

13 Morena o a ema,

o bolela qoso ya hae,

o a ema, o ahlola ditjhaba.

14 Morena o qosa baholo

ba tjhaba sa hae,

o qosa le babusi ba sona, o re:

“Tshimo ya ka ya morara

e lobetswe ke lona,

matlo a lona

a tletse tse amohilweng mafutsana.

15 Ke ka baka lang

ha le hatakela setjhaba sa ka,

mafutsana le wona le a tlatlapa?”

ho rialo Morena, Morena mabotho.

Kgalemo ho basadi ba Jerusalema

16 Morena o re:

“Basadi ba Sione ba a ikgohomosa,

ba tsamaya melala ba e thamotse,

ka mahlo a bona ba ntse ba bonya,

ba rwanyaketsa, ba hatela haufi,

maqaqailana a bona a lla masekana.

17 Kahoo Morena

o tla kgophosa hlooho tsa bona,

hlooho tsa bona

a di phumole mafatla.”

18 Mohla tsatsi leo,

Morena o tla ba amoha mekgabiso:

mefitshane le meqhaka

le difaha tsa molala;

19 masale, dipetja le wona masira;

20 le dikola, le dithoto, le dinyepa,

le dibotlolo tsa ditlolo, le dithatho;

21 le masale a monwana

le masale a dinkong,

22 le diaparo tse majabajaba,

le ditipe, le mekotlana;

23 le diipone, le diaparo tsa lene,

le dituku, le ditjale.

24 Bakeng sa monko o monate

ho tla nkga phu!

Bakeng sa senyepa e be lerapo,

bakeng sa moriri o lohilweng

ba phumohe mafatla,

bakeng sa aparo tse ntle

e be tse mahwashe,

bakeng sa fahleho tse borethe

e be tse mabadi.

25 Bana ba lona

ba tla bolawa ka sabole,

e leng bona bahale ba lona ntweng.

26 Menyako ya Sione e tla lla,

e bokolle,

Sione e rapalle fatshe,

e fetohe lesupi.