ESAYA 24

Morena o tla otla lefatshe

1 Morena o tla falatsa lefatshe,

a le timetse,

sebopeho sa lona a se senye,

baahi ba lona a ba hasanye.

2 Ho tla ba jwalo ho moprista

le ho setjhaba,

ho mohlanka le ho monga hae,

ho lekgabunyane

le ho mofumahadi wa lona;

ho be jwalo ho moreki

le ho morekisi,

ho moadimi le ho moadimuwa,

ho morui le ho mofutsana.

3 Fatshe le tla falatswa kahohlehohle,

tsohle tsa lona le di amohuwe,

hobane Morena o buile jwalo.

4 Fatshe le bofifing, le bile le a pona,

fatshe le a tepella, le bile le a pona,

bahlomphehi ba lefatshe

le bona ba a tepella.

5 Fatshe le silafaditswe

ke baahi ba lona,

ba tlotse melao, ba robile ditaelo;

ba sentse selekane sa kamehla yohle.

6 Kahoo thohako e aparetse lefatshe,

baahi ba lona

ba jere molato wa bona,

ba tjheswa ke lebatama,

ho sale ba mmalwana.

7 Veine e ntjha e fofile,

fate tsa morara di ponne,

ba thabileng

ba aparelwa ke maswabi.

8 Meropa ya thabo

e kgaotsa ho tidinya,

mehoo ya ba nyakaletseng

le yona e a fela,

pina tsa diharepa

le tsona di kgaoditse.

9 Veine e fedile

le dipina ha di sa le yo,

dino tse tahang

ke mohalakane ho ba di nwang.

10 Motse wa mafeela o fetohile lesupi,

matlo wohle a tinketswe,

hore ha se be ya ka kenang.

11 Diterateng tsohle

batho ba llela veine,

menyaka yohle le yona e se fedile,

lefatsheng lohle

medidietsane ha e sa utlwahala.

12 Hara motse ho setse masupi feela,

menyako ya motse

e robehile dikotwana.

13 Ho tla ba jwalo lefatsheng,

hara ditjhaba,

ho be jwaloka fate sa mohlwaare

ha se hlohlorwa,

ho kgwahlapiswa morara o setseng

ha ho kotulwa.

14 Ba tla howeletsa ka mantswe a phefa,

ba binele Morena ya tlotlehang,

ba howe haholo,

ba howe ho tloha bophirimela.

15 Lona ba ka botjhabela

tlotlisang Morena,

le lona ba dihlekehlekeng,

le tlotlise bitso la Morena,

Modimo wa Iseraele.

16 Pina tse tswang

pheletsong tsa lefatshe

re di utlwile:

“Tlotla e ke e iswe

ho Ya Lokileng!”

Empa nna ke re: “Ke fedile!

Ke fedile! A nna elwa!”

Mahlabaphiyo

a ntsa tswela pele ho eka,

bohlabaphiyo ba wona

bo ntse bo hatela pele!

17 Tshabo le mohohlo le leraba

di o emetse,

di emetse wena ya ahileng lefatsheng.

18 Ya balehang mokgosi

o bakwang ke tshabo,

yena o tla wela kahara mohohlo;

ya ngwangwarelang

hore a tswe ka mohohlong,

raba le tjhehilweng

yena le tla mo tshwasa.

Pula ya ditlwebelele

e tla tsholoha e etswa hodimo,

metheo ya lefatshe

le yona e tla reketla.

19 Fatshe lohle le tla ripitlwa,

le ripitlwe,

fatshe lohle le tla phatloha,

le phatlohe,

fatshe le tla sisinngwa

madulong a lona,

le sisinngwe.

20 Fatshe le tla thekesela,

le kapeye sa letahwa,

le tsokotsehe

sa lephephe la molebedi;

dibe tsa lona di tla le imela haholo,

ebe le a wa,

ha le hlole le tsoha hape.

21 Ka tsatsi leo, Morena o tla otla,

a otle mabotho

a hodimo lehodimong,

kgosi tsa lefatshe

a di otlele lefatsheng.

22 Kgosi di tla kgobokanngwa tsohle

di be mmoho,

di kgobokanngwe sa batshwaruwa

ba le ka mohohlong,

ebe di ya kwallwa ka tjhankaneng,

kamora matsatsi a mangata

di nto newa kotlo.

23 Kgwedi e tla fifala,

tsatsi le ipate sefahleho,

ha Morena wa mabotho

a busa Sione le Jerusalema,

baholo a ba senolela tlotla ya hae.