Boporofeta malebana le Tire
1 Bona ke boporofeta malebana le Tire:
Bokollang
lona dikepe tsa Tarashishe,
hobane Tire e ripitlilwe,
ha ho sa na ntlo,
ha ho sa na kou ya dikepe!
Tsebiso ena
e tswa naheng ya Kitime,
e senoletswe ba naha ya Tire.
2 Kgutsang
lona ba ahileng pela lebopo,
kgutsang lona bahwebi ba Sidone,
ba ruisitsweng
ke ba tshelang mawatle.
3 Koro ya Shihore
e tshedisitswe mawatle a maholo,
tjhai ya phula ya Nile
ya tlisetsa Tire mouno,
Tire ya ruiswa
ke ho hweba le tjhaba tse ding.
4 Ako itshwabele wena Sidone,
wena o leng qhobosheane ya lewatle,
hoba lewatle le buile, la re:
“Ha ke eso be le mahlaba a pelehi,
le ho tswala ha ke eso tswale,
ha ke eso hodise bara,
le baradi ha ke eso ba hodise.”
5 Ha Baegepeta ba hlabelwa mokgosi
ba tla tshoha ha ba utlwa tsa Tire.
6 Tshelelang mose ho Tarashishe;
bokollang lona ba ahileng
pela lebopo la lewatle.
7 Na oo ke wona motse wa lona
wa menyaka,
motse o theilweng
mehleng ya kgalekgale,
o ila romela baahi
ho ya aha naheng tse hole?
8 Ya ileng a rerela Tire tsee ke mang?
Tire,
motse wa ho hlomamisa dikgosi,
oo bahwebi ba wona
e leng mahosana,
oo bo-radikgwebo ba wona
ba tummeng fatsheng lohle?
9 Ke Morena wa mabotho
ya rerileng hona,
ho fedisa boikgantsho
ba bohle ba tlotlwang,
ho kokobetsa bohle
ba tummeng lefatsheng.
10 Wena moradi wa Tarashishe
haola naheng ya heno,
o haole ho yona
jwaloka noka ya Nile,
hobane ya o thibelang ha a sa le yo.
11 Morena o otlolotse tsoho la hae,
a le otlolla hodima lewatle,
a etsa hore mebuso e thothomele.
Malebana le Kanana
Morena o entse taelo,
hore qhobosheane tsa yona
di ripitlwe.
12 Yaba o re:
“Wena moradi wa Sidone
ya ripitlilweng,
o ke ke wa hlola o nyakalla hape!
Leha o ka tsamaya
wa tshelela Kitime,
le teng phomolo
o ke ke be wa e bona!”
13 Tadima naha ya Bakalatiya,
ya tjhaba seo e seng e se letho!
Baasiria ba e fetotse
hwatata la dibatana,
ba haha tora tsa bona tsa dibohodi,
ba heletsa qhobosheane tsa yona,
ba e siya e fetohile masupi.
14 Bokollang
lona dikepe tsa Tarashishe,
hoba qhobosheane ya lona
e ripitlilwe.
15 Ho tloha ka tsatsi leo, Tire e tla lebalwa ka dilemo tse mashome a supileng, e leng nako e lekanang le dilemo tsa ho phela ha kgosi. Ha dilemo tseo tse mashome a supileng di fetile, Tire e tla tshwana le seotswa se bolelwang pineng e reng:
16 “Nka harepa ya hao
o potolohe le motse,
wena seotswa towe,
o seng o sa hopolwe;
tsanyaola melodi,
o bine dipina tse ngata,
o tle o boele o hopolwe hape.”
17 Ha dilemo tse mashome a supileng di fetile, Morena o tla hopola Tire. Jwaloka seotswa sena Tire e tla boela kgwebong ya yona, e sebedisane le mebuso yohle e teng lefatsheng.
18 Phaello eo e tla e fumana ka kgwebo ya yona e tla e abela Morena. E ke ke ya boloka phaello eo ho ithuisa ka yona, empa e tla newa ba kgumamelang Morena, mme bona ba tla kgora, ba apare tse majabajaba.