Boporofeta malebana le Jerusalema
1 Bona ke boporofeta malebana le Kgohlo ya Pono:
Ebe jwale molato ke ofe
ha e le moo
le hlweletse hodima matlo?
2 Wena motse o tletseng meferefere!
Motse wa lerata le medidietsane!
Babolauwa ba hao
ha ba a bolawa ka sabole,
babolauwa ba hao
ha ba a shwela ntweng.
3 Babusi ba hao bohle
ba balehile mmoho,
ba thopilwe ba eso fule ka diqha.
Bohle ba fumanweng kahare ho wena
ba tshwerwe mmoho,
le hoja ba ne ba balehetse hole.
4 Ka baka leo, ke ile ka re:
“Se keng la ntjheba,
ke lle sa mmokotsane;
se ikgathatseng ka ho ntshedisa,
ha moradi wa tjhaba sa heso
a timeditswe.”
5 Tsatsi lena ke la mekutu,
la ho hatakelwa, le la tshabo,
tsatsi le laotsweng ke Morena,
Modimo wa mabotho,
ka Kgohlong ya Pono,
rata la ho heletswa ha marako
le tla utlwahala kwana mahaheng.
6 Elame ya jara sehlajwe sa metsu,
ya futuha le ka bapalami ba dipere,
Kire yona ya ntsha thebe ya yona.
7 Kgohlo tsa hae tse ntle
di tletse kariki tsa ntwa,
bapalami bona ba teile theko
kgorong ya motse,
8 qhobosheane tsa Juda
tsona di heleditswe.
Tsatsing leo la hlahloba hlomo
di le ka Tlung ya Moru,
9 la bona bongata ba kgeo tsa lerako
la Motse wa Davida,
la thiba metsi a Letshana le Katlase.
10 Matlo a Jerusalema le a badile,
la heletsa matlo hore le tiise lerako.
11 Pakeng tsa marako a mabedi
la haha letamo,
la le hahela ho thibela metsi
a Letshana la Kgale;
empa la se ke la natsa
Moetsi wa lona,
kapa la tsotella
ya le rerileng kgalekgale.
12 Ka tsatsi leo Morena,
Morena wa mabotho, a le bitsa,
a le bitsetsa ho lla
le ho ba bofifing,
ho beola moriri
le ho apara tse mahwashe.
13 Empa ya eba thabo,
ya eba nyakallo,
ha hlajwa makgomo,
ha hlajwa manku,
ha jewa dinama, ha nowa veine!
“A re jeng, re inwelleng,”
lona la rialo,
“hobane hosasane
re tla be re shwele!”
14 Morena wa mabotho o ile a senola tsena, moo ke utlwang, a re: “Ruri bokgopo bona bo ke ke ba tshwarelwa ho fihlela le eshwa,” ho rialo Morena Modimo wa mabotho.
Ho kgalemelwa Shebena
15 Morena Modimo wa mabotho, a bua, a re:
“Eya ho Shebena,
e leng ramatlotlo,
le molebedi wa ntlo ya kgosi,
o re ho yena:
16 ka tumello ya mang, ha o ntse o itjhekela lebitla, o le tjheka moo ho phahamileng, o ipetlela lebitla la phomolo lefikeng?> 17 “Bona, Morena o kgatheng la hoo tshwara, a o akgele hole, wena senatla towe! 18 Ruri o tla o phuthaphutha ka thata sa pidikwane, a o lahlele hara naha e nammeng. O tla ya shwela naheng eo, le kariki tseo o itlotlang ka tsona di felle moo, wena ya tlontlolotseng lapa la monga hao. 19 Ke tla o tlosa tulong tsa hao, ke o hlobodise boemo ba hao. 20 “Ka tsatsi leo, ke tla bitsa mohlanka wa ka Eleakime, mora wa Hilekiya. 21 Ke tla mo apesa seaparo sa hao, ke mo tlame ka senyepa sa hao, le matla a hao a ho busa a be matsohong a hae. Yena e tla ba ntata ho baahi ba Jerusalema le ho ba ntlo ya Juda. 22 Ke tla mo nea dinotlolo tsa ntlo ya Davida; ha a butse ha ho ya tla kwala, ha a kwetse ha ho ya tla bula. 23 Ke tla mo kgokgothela sebakeng se tiileng jwalokaha eka ke thakgisa, mme e be terone e tlotlehang ya lapa la ntatae. 24 Tlotla yohle ya lapa labo e tla ba hodima hae; ya ditloholo le ya ditloholwana, ya dijana tsohle tse nyenyane, le ya dipitsa tsohle tsa mepotjwana. 25 “Ka tsatsi leo,” ho rialo Morena wa mabotho, “thakgisa e kgokgothetsweng moo ho tiileng e tla kgokgothollwa, e kgaolwe, e wele fatshe, mme tsohle tse neng di itshwareletse ka yona di tla senyeha,” ho rialo Morena.