Modimo o tla otla Damaseka le Iseraele
1 Bona ke boporofeta malebana le Damaseka:
“Damaseka ha e sa tla hlola
e eba motse,
Damaseka e tla ba qubu
ya masupi feela.
2 Metse ya Arowere e tla hloka baahi,
e tla fetoha metebo,
mehlape e fule teng,
ho se motho ya tla e tshwenya.
3 Motse o haheleditsweng
o tla ba siyo Efraime,
le wona mmuso wa Damaseka
o tla fela,
masalla a Arame a tla fela
sa tlotla ya Iseraele,”
ho rialo Morena wa mabotho.
4 “Mohla tsatsi leo,
tlotla ya Jakobo e tla fifala,
monono wa hae le wona o fele.
5 Ho tla tshwana le ha mohedi
a hela koro,
a kotula koro ka diatla tsa hae;
ho tshwane le ha motho
a kgwahlapisa qwapi tsa koro,
a di kgwahlapisa
ka kgohlong ya Refaime.
6 Empa tholwana tse ding tsona
di tla sala,
jwalokaha ho hlohlorwa
sefate sa mohlwaare,
ho salang tse pedi kapa tse tharo
makaleng a hodimo,
ho sale tse nne kapa tse hlano
makaleng a behang,”
ho rialo Morena, Modimo wa Iseraele.
7 Mohla tsatsi leo,
motho o tla sheba Mmopi wa hae,
mahlo a motho a shebe
Ya Halalelang wa Iseraele.
8 A ke ke a sheba dialetare
tse entsweng ke matsoho a hae.
A ke ke a sheba
tse etsedisweng
tshwantsho tsa Ashera,
le aletare tsa mokubetso
tse entsweng ke matsoho a hae.
9 Mohla tsatsi leo, metse ya hae ya diqhobosheane eo a e furaletseng ka baka la ho baleha bana ba Iseraele, e tla tshwana le dithako tse merung kapa tse tlhorong tsa dithaba. Naha yohle e tla sala e le nanaola.
10 O lebetse Modimo,
Mopholosi wa hao,
ha o a hopola Lefika,
qhobosheane ya hao,
kahoo leha o ka lema
difate tse ntlentle,
wa lema le morara
o tswang mafatsheng a mang;
11 leha o ka mela mohla o o hlomileng,
ka la hosasane wa tsoha o fupuditse,
kotulo yona e ke ke ya eba teng
mohla tsatsi la mafu
a ke keng a phekolwa.
Mabotho a dira a a hlolwa
12 Utlwang modumo
wa matshwele a ditjhaba!
A duma sa lewatle le tsudubutlana!
Bonang kamoo
tjhaba di kgorohang kateng!
Di kgoroha
sa maqhubu a phuthumana!
13 Tjhaba di tla kgoroha
sa metsi a le mangata,
empa ha Modimo a di kgalema
di a baleha,
di fefolwa ke moya
sa mmoko hodima dithaba,
jwalokaha mahlokwa
a fefolwa ke sefefo.
14 Mantsiboya
di bakela bohle matswalo,
le eso tjhabe
tsona di se di nyametse!
Ena ke yona kabelo
ya ba hapang tsa rona,
ke yona kabelo
ya ba senyang tsa rona.