Modimo o tla timetsa Moabe
1 Bona ke boporofeta malebana le Moabe:
Ka bosiu bo le bong
Are e Moabe e timeditswe!
Ka bosiu bo le bong
Kire e Moabe e timeditswe!
2 Batho ba Dibone
ba nyolohetse tempeleng ya bona,
ba nyolohetse ho ya llela
dibakeng tsa bona tsa borapedi;
baahi ba Moabe
ba llela Nebo le Medeba,
ba ikutile lekorana,
ba ipeotse le ditedu.
3 Ba tsamaya terateng tsa motse,
ba apere tse mahwashe,
bohle ba lla
ba le hodima marulelo,
le mabaleng a motse,
ba itabanya fatshe ba ntse ba lla.
4 Ba Heshebone le ba Elale
ba a howeletsa,
mantswe a bona a utlwahala hohle
ho ya fihla Jahase;
kahoo le bahlabani ba Moabe
ba a howeletsa,
bahlabani bohle ba a thothomela.
5 Pelo ya ka e llela ba Moabe,
baphaphathehi ba bona
ba balehetse Soware,
ba baleha
ho ya fihla Egelate-Sheleshiya,
ba nyoloha ka tsela e yang Lohite,
ba nyolohela Lohite
ba ntse ba lla,
ba llela timelo ya bona
ba le tseleng e yang Horanaime.
6 Metsi a Nimerime a pshele,
jwang bo omeletse,
dimela di fedile,
ha ho letho le letalana.
7 Maruo ao
ba a sebeditseng ka thata,
ba a bokella,
ba a kakatetse
ho ya tshela
Molatswana wa Meduwane.
8 Mokgosi wa bona o hoballa,
ho ya fihla meeding ya Moabe,
seboko sa bona se fihla Egelaime,
sello sa bona
se fihle le Beere-Elime.
9 Metsi a Dimone
a tlerefetse ke madi,
ke hona ke sa tla tlisa koduwa,
ke e tlisetse Dimone:
Baphaphathehi ba Moabe
ba tla bolawa ke tau,
ba tla sala teng
le bona e tla ba bolaya.