Modimo o tla otla Babilona
1 Bona ke boporofeta boo Esaya, mora wa Amose, a neng a bo senolelwe mabapa le Babilona:
2 Phahamisang mokgele
hodima thaba e phollatsi,
ba howeletseng,
le ba hwehle ka letsoho,
e le hore ba kene
kgorong tsa mahosana.
3 Mokgetho wa bahlabani ba ka
ke se ke o laetse,
bahale ba ka ke ba bitsitse,
ho phethahatsa kgalefo ya ka,
bona ba thabelang ho hlola ha ka.
4 Ho utlwahala modumo wa letshwele
hara dithaba,
modumo o kang
wa sekgakgathahadi sa batho!
Ho utlwahala modumo wa mebuso,
lereberebe la mebuso
ya ditjhaba di phuthehile!
Morena wa mabotho
o kgobokanya mabotho a ntwa!
5 A tswa naheng e hole,
pheletsong tsa lehodimo,
Morena o tla ka dihlomo
tsa kgalefo ya hae,
hore fatshe lohle a tle a le timetse.
6 Bokollang,
tsatsi la Morena le se le le haufi!
Le tla e le la timetso,
le etswa ho Ya Matla wohle!
7 Ka baka leo, matsoho wohle
a tla tepella,
batho bohle ba fellwe ke tshepo.
8 Ba tla kenelwa ke tshabo,
mahlaba le bohloko di tla ba menya;
ba tla meneka
sa mosadi a kena tlung,
motho a shebane le wa habo
ka ho makala,
fahleho tsa bona di fubele,
di fubele sa malakabe.
9 Bonang, tsatsi la Morena
ke lena le a tla!
Le tla ka sehloho le ka kgalefo,
ka bohale bo tlokomang,
le tla ho fetola lefatshe
e be nanaola;
ka tsatsi leo
baetsadibe o tla ba timetsa.
10 Naledi tsa lehodimo
le Makolobe a tsona,
kganya ya tsona
e ke ke ya bonahala,
tsatsi le tla fifala ha le tjhaba,
kganya ya kgwedi le yona e be siyo.
11 Lefatshe ke tla le otla,
ke le otlele bokgopo ba lona,
ba kgopo le bona ke ba otle,
ke ba otlele dibe tsa bona,
boikakaso ba ba itjang
ke bo fedise,
boikgohomoso ba bompodi
ke bo kokobetse.
12 Ke tla etsa hore motho a hlokehe,
sa kgauta e hlwekisitswe,
a hlokehe sa kgauta ya Ofire.
13 Ke tla etsa hore
mahodimo a thothomele,
fatshe le be le suthe
madulong a lona,
tsena di tla bakwa
ke kgalefo ya Morena wa mabotho,
mohla tsatsi la bohale
bo tlokomang ba hae.
14 Jwaloka kgama e balehang setsomi,
jwaloka dinku tse hlokang modisa,
motho ka mong
o tla kgutlela tjhabeng sa habo,
motho ka mong
a balehele naheng ya habo.
15 Bohle ba tla thopuwa
ba tla phehletswa ka lerumo,
bohle ba tla tshwarwa
ba bolawe ka sabole.
16 Bana ba bona ba tla thuakwa
ba ntse ba ba bona,
matlo a bona a lobelwe,
basadi ba bona ba betwe.
17 Ke tla hlohleletsa Bamede
ba ba tsohele matla,
Bamede ba sa tsotelleng
bohlokwa ba silefera,
bona bao kgauta
e ke keng ya ba hohela.
18 Diqha di tla roboka batjha,
ba fetohe ditsekana,
baimana bona ba ba hlokele mohau,
leha e le hona
ho utlwela bana bohloko.
19 Wena Babilona, tlotla ya mebuso,
mokgabo oo Bakalatiya
ba leng motlotlo ka wona,
Modimo o tla o timetsa
sa Sodoma le Gomora!
20 O ke ke wa hlola o eba le baahi,
o tla ba hloka ka meloko le meloko,
ha ho Moarabia
ya tla hloma tente ya hae moo,
le badisa ba ke ke ba etsa
metebo ya bona moo.
21 Batana tsa lehwatata
di tla botha moo,
diphooko le tsona di hahele teng,
ebe moo dimpshe di phelang teng,
dithotsela di tlolake teng,
di tlolake di nyakaletse.
22 Mafiritshwane a tla ngaya
ka qhobosheaneng tsa hao,
phokojwe di ngaye
ka matlung a hao a bokgosi.
Nako ya timelo ya Babilona
e atametse,
matsatsi a yona a ke ke a lelefatswa.