1 Ho madimabe ba etsang
melao e sa lokang,
le bangodi ba ngolang
melao e hatellang,
2 hore ba amohe mafutsana
tokelo tsa wona,
ba hateletsweng
ba ba hlokise toka,
ba ikgapele ntho tsa bahlolohadi,
ba tlatlape le tsona dikgutsana.
3 Le tla etsang
mohla tsatsi la kahlolo,
le la timelo
e tla tla e etswa hole?
Thuso le tla ya e kopa ho mang?
Maruo a lona le a siye hokae?
4 Ruri le tla borabora
hara batshwaruwa,
kapa le wele hara babolauwa;
leha ho le jwalo
kgalefo ya hae ha e a kokobela,
tsoho la hae o ntsa le phahamisitse.
Modimo o ahlola Asiria
5 O madimabe wena Asiria,
o leng molamu wa kgalefo ya ka!
Kotjane ya kgalefo ya ka
e tsohong la hao!
6 Ke tla mo romela
tjhabeng sa baetsadibe,
ke mo romele
tjhabeng se nkgalefisang;
ke tla mo laela hore a hape kgapo,
ke mo laele hore a lobele lebobelo,
le ho ba hatakela
sa seretse sa diterata.
7 Empa hona hase hoo a ho rerang,
le ka pelong ya hae
ha a ho nahane,
hoba sepheo sa hae
ke ho timetsa,
ke ho fedisa ditjhaba tse ngata.
8 Yena o re:
“Na balaodi ba ka bohle
hase dikgosi?
9 Na Kalene
ha e tshwane le Karakemishe?
Na Hamate
ha e tshwane le Arepade?
Na Samaria
ha e tshwane le Damaseka?
10 Jwalokaha ke hapile mebuso
ya medimo ya bohata,
eo tshwantsho tsa yona di fetang,
tsa Jerusalema le Samaria,
11 Jerusalema
le medimo ya yona ya ditshwantsho
ke tla e etsa sa Samaria,
le medimo ya yona ya ditshwantsho.”
12 Etlare ha Morena a qetile mosebetsi wohle wa hae Thabeng ya Sione le Jerusalema, a otle kgosi ya Asiria ka baka la boikgohomoso ba pelo ya yona, le ka baka la ho inkela hodimo ha yona,
13 hobane kgosi eo e re:
“Hona ke ho entse
ka matla a matsoho a ka,
le ka bohlale ba ka,
hobane ke na le kutlwisiso;
ke ile ka suthisa meedi ya ditjhaba,
ka hapa le matlotlo a tsona;
jwaloka ya matla
ka kokobetsa baahi ba tsona.
14 Tsoho la ka le fumane
matlotlo a ditjhaba,
la a fumana sa hlaha sa nonyana,
ka bokella naha tsohle mmoho,
sa mahe a setse lepalapaleng,
ha se be le e nngwe e sisinyehang,
kapa e ahlamisang molomo
ho hlaba mokgosi.”
15 Na selepe se ka ithorisetsa,
ya rathang ka sona,
kapa yona sakga ya ithorisetsa,
ya sakgang ka yona?
Na molamu o ka nonya
ya o phahamisang,
kapa kotjane
ya tsokotsa motho e se lehong?
16 Ka baka leo, Morena,
Morena wa mabotho,
o tla etsa hore
kwankwetla tsa kgosi di tsete,
bakeng sa tlotla ya yona
ho hotetswe mollo
o tukang malakabe.
17 Sedi la Iseraele
le tla fetoha mollo,
Ya Halalelang wa hae
a fetohe lelakabe
le tla tjhesa meutlwa
le hlabahlabane,
le di tjhese ka tsatsi le le leng.
18 Mokgabo wa meru ya yona
le wa masimo a nonneng,
Morena o tla o timetsa
ho hang ka malakabe,
sa ha mokudi a fella dikobong.
19 Fate tsa meru ya yona
di tla sala di le mmalwana,
hoo le ngwana
a ka tsebang ho di bala.
Masalla a Iseraele a tla kgutla
20 Mohla tsatsi leo,
masalla a Iseraele,
ba ntlo ya Jakobo
ba ileng ba phonyoha,
ha a sa tla hlola a tshepa
ya ile a a otla,
empa a tla tshepa Morena ka nnete,
yena Ya Halalelang wa Iseraele.
21 Masalla a tla boela a kgutla,
masalla a Jakobo
a kgutlele ho Modimo ya matla.
22 Leha tjhaba sa hao, wena Iseraele,
se ka hlabathe la lewatle,
ke masalla feela
a tla boela a kgutla.
Morena o se a laotse timetso,
e tla se wela hodimo e le ka toka.
23 Morena, Morena wa mabotho,
o tla phethahatsa timetso
e laoletsweng naha yohle.
Morena o tla otla Asiria
24 Ka baka leo, Morena,
Morena wa mabotho, o re:
“Lona tjhaba sa ka
se phelang Sione,
le se ke la tshaba Baasiria,
bona ba le otlang ka molamu,
ba le phahamisetsang koto
jwalokaha Egepeta e ile ya etsa.
25 Haufinyane ho le halefela ha ka
ho tla fela,
kgalefo ya ka
e tobane le ho timetswa ha bona.”
26 Morena wa mabotho
o tla ba hweba ka phafa,
jwaloka mohla a otlang Bamediane
fikeng la Orebe.
Molamu wa hae o tla o phahamisa
hodima lewatle,
jwalokaha a na o phahamise
hodima Egepeta.
27 Mohla tsatsi leo,
o tla hlohlollwa mojaro wa bona,
joko ya bona
e tloswe molaleng wa hao.
Sera se a futuha
28 Sera se hapile Aiata,
sa pholletsa hara Migerone,
sa boloka thoto ya sona Mikemase.
29 Ha se etswa lekgalong sa re:
“Bosiung bona
ke tla ya emisa Gobe.”
Rama e tetemisa dirope,
e a thothomela,
Gibea ya Saule yona e a baleha.
30 Bokolla, wena moradi wa Galeme!
Thea tsebe le wena Laesha!
Wena Anatote o madimabe!
31 Baahi ba Madamene ba a baleha;
baahi ba Gebime
ba batla setshabelo.
32 Ka tsatsi lena ba tla emisa Nobe,
ba supe moradi wa Sione
ka setebele,
mane leralleng la Jerusalema.
33 Bonang Morena,
Morena wa mabotho,
o tla roba makala ao
ka matla a hae a maholo,
makala a malelele a tla rengwa,
a phahameng wona a tla kgethulwa.
34 Meru e teteaneng
o tla e rema ka selepe,
fate tsa Lebanone
di wele kapele ho Ya Matla wohle.