DIPOLELO 9

Morena o tla timetsa ditjhaba tsa Kanana

1 “Mamela, wena Iseraele. Kajeno o tla tshela Jorodane, o yo hlola ditjhaba tse kgolo, tse o fetang ke matla, tse nang le metse e meholo ya diqhobosheane tse fihlang marung.

2 Kamoo le ba tsebang kateng, Baanake ke setjhaba sa batho ba diqhobane, ba balelele, bao le utlwileng ho buuwa ka bona, ho thwe:

3 Ka baka leo he, kajeno tseba hore Morena Modimo wa lona, ke yena ya le eteletseng pele, ke yena mollo o tjhesang. O tla ba timetsa, a le hlolele bona. Le tla ba leleka, le ba timetse kapele, jwalokaha Morena a buile ho lona.

4 “Hoba Morena a ba leleke kapele ho lona, le se ke la re ka dipelong tsa lona: Ke ka lebaka la bokgopo ba ditjhaba tsena, Morena a di lelekang kapele ho lona.

5 Hase ka baka la ho loka ha lona, kapa ka baka la ho loka ha dipelo tsa lona naha ena a tlang ho ba ya lona, empa ke ka baka la bokgopo ba ditjhaba tsena Morena a di lelekang kapele ho lona, e le hore Morena a phethahatse tshepiso eo a neng a e hlapanyetse bo-ntata lona Aborahama, le Isaka, le Jakobo.

6 “Ka baka lena he, tsebang hore Morena Modimo wa lona, ha a le nee naha ena e ntle ka baka la ho loka ha lona, hobane le setjhaba se manganga.

Namane ya kgauta

7 “Le hopole, mme le se ke la lebala kamoo le ileng la halefisa Morena Modimo wa lona kateng, ha le le lehwatateng. Ho tloha mohla le tswang naheng ya Egepeta, ho fihlela le ba le fihla sebakeng sena, le nnile la fetohela Morena.

8 Leha le le Horebe le ne le halefise Morena; Morena a le halefela hoo a neng a batle a le timetsa,

9 ha ke ne ke nyolohetse thabeng ho amohela matlapa, e leng matlapa a selekane seo Morena a se entseng le lona, mme ka dula thabeng ka matsatsi a mashome a mane, le ka masiu a mashome a mane, ke sa je, ke sa nwe metsi.

10 Morena a nnea matlapa a mabedi a ngotsweng ke monwana wa Modimo. Hodima wona ho ne ho ngotswe mantswe wohle ao Morena a neng a a bue ho lona, hodima thaba, a le kahara mollo, mohla le neng le phuthehile.

11 Hoba ho fete matsatsi a mashome a mane le masiu a mashome a mane, Morena a nnea matlapa a mabedi, e leng matlapa a selekane.

12 “Morena a re ho nna:

13 “Yaba Morena o re ho nna:

14 Ntlohelle ke se timetse, ke hlakole lebitso la sona katlasa lehodimo. Wena ke tla o etsa setjhaba se matla, se seholo ho feta sena.>

15 “Ka tsamaya, ka theoha thabeng e neng e ntse e tuka mollo, ke nkile matlapa a mabedi a selekane.

16 Ka tadima, ka bona hore le sitetswe Morena Modimo wa lona, le ipopetse namane ka kgauta, mme ka potlako le kgelohile tsela eo Morena a le laetseng yona.

17 Ka baka lena ke ile ka nka matlapa a mabedi, ka a ptjatlanya fatshe, ka a pshatla moo le ntseng le bona.

18 “Yaba ke itihela fatshe, kapele ho Morena. Ka matsatsi a mashome a mane, le ka masiu a mashome a mane, jwaloka kgetlo la pele, ha ke a ka ka ja, leha e le ho nwa metsi, ka baka la sebe seo le se entseng ka ho etsa bobe mahlong a Morena, mme la mo halefisa.

19 Ke ne ke tshaba bohale ba Morena, le kgalefo eo a neng a le halefetse ka yona, hoo a neng a rata ho le timetsa. Empa le mohlang oo Morena a mmamela.

20 Morena o ne a halefetse Arone, hoo a neng a batle a mo timetsa, empa le mohlang oo ke ne ke rapelle Arona.

21 Ka nka ntho eo le entseng sebe ka yona, e leng namane eo le neng le e bopile, ka e tjhesa ka mollo, ka e sila, ya eba thuethue jwaloka lerole, ka e qhalla ka nokaneng e theohang thabeng.

22 “Hape ha le le Tabera, le Masa, le Kiborote-Hatafa, le teng le ne le halefise Morena.

23 “Ha le le Kadeshe-Barenea a le roma, a re ho lona: Le teng le ne le fetohele taelo ya Morena Modimo wa lona, mme la se ke la mo kgolwa leha e le ho mo mamela.

24 Haesale ke le tseba, le nnile la fetohela Morena.

25 “Yaba ke itihela fatshe, kapele ho Morena, ka matsatsi a mashome a mane, le ka masiu a mashome a mane, hobane Morena o ne a re o a le timetsa.

26 Ka rapela Morena, ka re:

27 Hopola bahlanka ba hao bo-Aborahama, le Isaka, le Jakobo. Se ke wa natsa manganga a sona, kapa bokgopo ba sona, kapa sebe sa sona;

28 esere baahi ba naha eo o se ntshitseng ho yona ba re: Kahobane Morena a sitilwe ho fihlisa setjhaba sena naheng eo a neng a se hlapanyeditse yona, kapa kahobane a se hloile, o ile a se ntsha Egepeta ho tla se bolaela lehwatateng mona.

29 Empa ke setjhaba sa hao le lefa la hao; ke setjhaba seo o se ntshitseng ka matla a maholo, le ka letsoho la hao le otlolohileng.>