DIPESALEMA 97

Morena ke kgosi e fenyang

1 Morena ke kgosi;

lefatshe le ke le nyakalle,

dihlekehleke tse ngata

di ke di thabe.

2 Maru a matshomatsho

a mo teetse hare,

ho loka le toka ke motheo,

ke motheo wa terone ya hae.

3 Mollo o mo eteletseng pele

o tjhesa dira tse mo potapotileng.

4 Mahadima a hae a bonesa lefatshe;

lefatshe le a bona,

mme le a thothomela.

5 Dithaba di qhibidiha jwaloka tshotso,

jwaloka tshotso kapele ho Morena,

e, kapele ho Morena wa lefatshe lohle.

6 Mahodimo a bolela ho loka ha hae,

ditjhaba tsohle di bona tlotla ya hae.

7 Bohle ba sebeletsang ditshwantsho

ba ke ba hlajwe ke dihlong,

bao ba ithorisang ka mafeela;

medimo yohle e ke e itihele

e itihele maotong a hae.

8 Sione e utlwile, mme e a thaba,

metse ya Juda e a nyakalla,

ka baka la dikahlolo tsa hao,

wena Morena.

9 Wena Morena ya hodimodimo,

ya phahametseng lefatshe lohle,

o feta medimo yohle hole.

10 Lona ba ratang Morena,

hloyang bokgopo,

o baballa bophelo

ba batshepuwa ba hae,

o ba namolela

matsohong a ba kgopo.

11 Lesedi le tjhabela ya lokileng,

thabo ke ya ba pelo di ntle.

12 Lona ba lokileng thabelang Morena,

le boke lebitso la hae le halalelang.