DIPESALEMA 96

Modimo ke kgosi le moahlodi wa lefatshe

1 Binelang Morena sefela se setjha,

lona ba lefatshe lohle

le ke le binele Morena.

2 Binelang Morena,

bokang lebitso la hae,

ka letsatsi le letsatsi, phatlalatsang

le phatlalatse tsa ho pholosa ha hae.

3 Bolelang tsa tlotla ya hae

hara ditjhaba,

le dimakatso tsa hae

hara merabe yohle.

4 Morena o moholo,

o lokelwa ke thoriso e kgolo,

o tshabeha ho feta medimo yohle.

5 Medimo yohle ya baditjhaba

ke mafeelafelane,

athe Morena

ke yena ya entseng mahodimo.

6 O eteletswe pele

ke tlotla le botlotlehi,

matla le kganya

di Sehalalelong sa hae.

7 Thoholetsang Morena,

lona ditjhaba tsa mefutafuta,

thoholetsang

tlotla le matla a Morena.

8 Thoholetsang tlotla

e lokelang lebitso la Morena,

tloong mabaleng a hae,

le mo nyehelle.

9 Kgumamelang Morena

le kgabile ka tse halalelang,

lefatshe lohle le thothomele,

le thothomele kapele ho yena.

10 Ereng ho baditjhaba:

“Morena ke kgosi,

o tiisitse lefatshe,

le ke ke la sisinyeha;

o ahlola ditjhaba ka ho loka.”

11 Mahodimo a ke a thabe,

lefatshe le nyakalle,

lewatle le hwase

le tsohle tse ka ho lona.

12 Naha e nyakalle

le tsohle tse ho yona,

difate tsa meru di etse ditlatse

13 kapele ho Morena, hobane o a tla,

o tlilo ahlola lefatshe.

O tla ahlola lefatshe ka toka,

le ditjhaba ka nnete ya hae.