DIPESALEMA 92

Sefela se rorisang toka ya Modimo

1 Pesalema. Sefela sa letsatsi la Sabatha.

2 Ke hantle ho boka Morena,

ho roka lebitso la hao,

wena Ya Hodimodimo,

3 ho bolela mohau wa hao

e sa le hoseng,

le botshepehi ba hao

ka masiu wohle,

4 ka seletsa se dikgwele tse leshome,

le ka harepa,

le thomo e modumo o monate.

5 Wena Morena,

o nthabisitse ka diketso tsa hao;

mesebetsi ya diatla tsa hao

ke e etsetsa ditlatse.

6 Morena, mesebetsi ya hao

e meholo hakaakang!

Mehopolo ya hao

e tebile hakaakang!

7 Motho wa lewatla a ke ke a e tseba,

sethoto se ke ke sa e utlwisisa.

8 Leha ba bolotsana ba mela,

ba mela jwaloka jwang,

mme bohle ba kgopo ba atleha,

ba loketse ho timella ruri.

9 Empa wena Morena,

o ya phahameng kamehla yohle.

10 Bona dira tsa hao, Morena,

bona, dira tsa hao di a timela;

bohle ba kgopo ba a qhalanngwa.

11 Empa nna o mmatlafaditse,

wa mmatlafatsa jwaloka nare,

wa ntlotsa ka ole e hlwekileng.

12 Ba ntaletseng ke ba tadima ka tello,

ke utlwa diboko tsa ba kgopo

ba ntsohelang matla.

13 Ya lokileng o a atleha,

o atleha jwaloka sefate sa palema,

o hola jwaloka sefate,

fate sa kedare ya Lebanone.

14 Ba hlomilweng ka tlung ya Morena

ba tla atleha

mabaleng a Modimo wa rona.

15 Le boqhekung

ba beha ditholwana,

jwaloka difate tse nonneng,

fate tse talana,

16 ho bontsha hore Morena o lokile,

ke lefika la ka,

ha ho na bobe ho yena.