DIPESALEMA 91

Ho phela tshireletsong ya Modimo

1 Ya phelang tshireletsong

ya Ya Hodimodimo,

ya ahileng moriting

wa Ya Matla wohle,

2 o re ho Morena:

“O setshabelo sa ka

le qhobosheane ya ka,

Modimo wa ka eo ke mo tshepang.”

3 Ke yena ya tla o tshwasolla

lerabeng la setsomi,

le lefung le timetsang la sewa.

4 O tla o kwahela ka masiba a hae,

o tshabele tlasa mapheo a hae.

Botshepehi ba hae

ke thebe le thejana:

5 O ke ke wa tshaba ditshosa tsa

bosiu,

kapa metsu e bebang motsheare,

6 leha e le lefu la sewa

le kgukgunang lefifing,

leha e le koduwa e timetsang

hara mpa ya motsheare.

7 Batho ba sekete ba ka wa,

ba wa lehlakoreng la hao,

le ba kete tse leshome

ka letsohong la hao le letona;

empa wena

o ke ke wa hlahelwa ke letho.

8 O tla bona ka mahlo a hao

ha ba kgopo ba putswa.

9 Kahobane o entse Morena

setshabelo sa hao,

mme Ya Hodimodimo

o mo entse qhobosheane ya hao,

10 ha ho bobe bo ka o welang hodimo,

ha ho kotlo e ka atamelang

motlotlwane wa hao.

11 O tla laela mangeloi a hae,

a o lebele ditseleng tsohle tsa hao.

12 A tla o kgakeletsa ka diatla tsa wona,

esere leoto la hao

la kgoptjwa ke lejwe.

13 O tla hata tau le marabe,

o hatakele tawana le noha.

14 “Kaha o a nthata, ke tla mo lopolla,”

ho rialo Morena,

“ke mo sireletse,

hobane o tseba lebitso la ka.

15 Ha a ipiletsa ho nna ke tla mo araba;

matshwenyehong ke be le yena,

ke mo lopolle, ke mo tlotlise.

16 Ke tla mo sitsa ka ditshiu tse telele,

ke mmontshe ho pholosa ha ka.”