Boholo ba Modimo le bofokodi ba motho
1 Thapelo ya Moshe, mohlanka wa Modimo.
Morena, o bile setshabelo sa rona
melokong yohle.
2 Dithaba di eso be teng,
le lefatshe, le tsohletsohle
di eso hlahe,
haesale o le Modimo
ya se nang bofelo.
3 O kgutlisetsa motho leroleng,
o re: “Kgutlang, bana ba batho.”
4 Mahlong a hao dilemo tse sekete
di ka letsatsi la maobane
le seng le fetile,
di ka nakwana ya bosiu.
5 O fedisa batho hanghang,
e be e ke ke toro,
ba ka jwang bo melang hoseng.
6 Hoseng bo a mela, bo palese;
mantsiboya bo a pona, bo omelle.
7 Re fediswa ke kgalefo ya hao,
re thothometswa ke bohale ba hao.
8 Makgopo a rona o a a bona,
dibe tsa rona tse patehileng
wa di bea pontsheng ya hao.
9 Ditshiu tsa rona tsohle
di a kgutsufala,
di kgutsufatswa ke bohale ba hao,
dilemo tsa rona
di feta jwaloka mofehelo.
10 Ditshiu tsa ho phela ha rona
ke dilemo tse mashome a supileng;
ha re phela hantle,
di mashome a robedi.
Empa bongata ba tsona
ke ba ditsietsi le mahlomola;
di feta kapele, ebe re ile.
11 Ke mang ya ka tsebang
matla a bohale ba hao,
le ho tshabeha ha kgalefo ya hao?
12 Kahoo re rute
ho bala ditshiu tsa rona,
pelo tsa rona di tle di hlalefe.
13 Ako boele o re hopole, Morena!
O tla dieha ho fihlela neng?
Qenehela bahlanka ba hao.
E sa le hoseng,
14 re sitse ka mohau wa hao,
re tle re o etsetse ditlatse,
re thabe ka matsatsi wohle.
15 Ako re thabise
ka matsatsi a lekanang
le ao o re hlokofaditseng ka wona,
le ka dilemo tse lekanang
le tseo re bileng madimabe,
ra ba madimabe ka tsona.
16 Ako bonahatse mosebetsi wa hao
ho bahlanka ba hao,
le kganya ya hao
ho bana ba bona.
17 Morena Modimo wa rona
a ke a be mosa ho rona,
a atlehise mosebetsi
wa matsoho a rona,
e, a atlehise mosebetsi
wa matsoho a rona.