DIPESALEMA 87

Sione mma ditjhaba

1 Pesalema ya bara ba Kora. Sefela.

Motse wa Modimo o theilwe

hodima thaba e halalelang,

2 Morena o rata dikgoro tsa Sione,

ho feta metlotlwane yohle ya Jakobo.

3 O bolelwa ka tse kgabane,

wena motse wa Modimo, ho thwe:

4 “Hara ditjhaba tse ntsebang

ke bolela tsena:

Egepeta le Babilona,

Filesitiya le Tire, mmoho le Kushe;

ka tsona ho thwe:

5 Ka Sione ho thwe:

“Batho bohle ke bana ba Sione.”

Ya Hodimodimo

ke yena ya e tiisitseng.

6 Ha Morena a bala ditjhaba,

o tla ngola, a re:

“Le motho enwa

ke ngwana wa Sione.”

7 Dibini le dihoba di re:

“Bohle re phela ka ho wena.”