Setjhaba se rapella ho tsoswa hape
1 Pesalema ya Asafo, ya bopaki. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka mmino wa sefela sa “Mehaladitwe”.
2 Oho, modisa wa Iseraele,
ako re sekehele tsebe;
wena ya tsamaisang leloko la Josefa,
ya le tsamaisang jwaloka mohlape,
wena ya dutseng
hodima dikerubime,
3 ako iponahatse ho Efraime,
le ho Benjamine, le ho Manase.
Bontsha matla a hao, o re pholose.
4 Oho, Modimo, ako boele o re tsose,
o re bontshe sefahleho
se kganyang kgotso,
re tle re pholohe.
5 Morena, Modimo wa mabotho,
o tla re halefela ho fihlela neng,
rona tjhaba sa hao se o rapelang?
6 O se phedisa ka dikgapha
jwalokaha eka ke bohobe,
o se nwesa meokgo e mengata.
7 O re entse sesosa sa ditsekisano
tsa bao re ahisaneng le bona,
dira tsa rona di a re soma.
8 Oho, Modimo wa mabotho,
ako boele o re tsose,
o re bontshe sefahleho
se kganyang kgotso,
re tle re pholohe.
9 O ile wa hlomola morara Egepeta,
wa tla o hloma moo,
moo o lelekileng ditjhaba teng.
10 O ile wa o lokisetsa mobu,
metso ya teba,
yaba wona o tlala naha.
11 Moriti wa wona wa kwahela dithaba,
mahlaku a kwahela difate,
fate tsa dikedare tse telelehadi.
12 Makala a wona a nama,
a nama ho ya fihla Lewatleng,
mahlomela a ya fihla Nokeng.
13 Keng ha o dihile metero ya wona,
hore o tle o ikgellwe
ke mofetakatsela,
14 o tle o fatakwe ke kolobemoru,
o jewe ke batana tsa naha?
15 Oho, Modimo wa mabotho,
ako boele o kgutle;
ako tadime o le mahodimong,
o bone, o hlokomele morara ona.
16 Sireletsa se hlomilweng
ke tsoho la hao le letona,
mora eo o ikgodiseditseng yena.
17 Ba o tjhesitseng ka mollo,
ba o remileng,
ba ke ba timetswe ke kgalefo,
kgalefo ya fahleho sa hao.
18 Tsoho la hao le ke le be
hodima mokgethwa wa hao,
mora eo o ikgodiseditseng yena.
19 Jwale ha re sa tla hlola re o furalla,
ako boele o re phedise,
re tle re rapele lebitso la hao.
20 Oho, Morena, Modimo wa mabotho,
ako boele o re tsose,
o re bontshe sefahleho
se kganyang kgotso,
re tle re pholohe.