DIPESALEMA 79

Ho senngwa ha Jerusalema le ha Tempele

1 Pesalema ya Asafo.

Morena, baditjhaba ba kene,

ba kene hara lefa la hao,

ba silafaditse Tempele,

Tempele ya hao e halalelang,

ba fetotse Jerusalema lesupi.

2 Ditopo tsa bahlanka ba hao

ba di abetse nonyana tse fofang,

ditopo tsa batshepuwa ba hao

ba di abetse batana tsa naha.

3 Ba tsholotse madi a bona

jwaloka metsi hohle Jerusalema,

mme ha ho ya ba epelang.

4 Re sekgobo

ho bao re ahisaneng le bona,

re pale le sesomo

ho ba re potapotileng.

5 Morena, o tla re halefela

ho fihlela neng?

Lefufa la hao le tla nne le tuke,

le tuke jwaloka mollo

ho fihlela neng?

6 Theolela kgalefo ya hao

hodima baditjhaba,

baditjhaba bana ba sa o tsebeng,

le hodima mebuso ena,

mebuso e sa rapeleng lebitso la hao;

7 hobane di metsitse leloko la Jakobo,

di fetotse leaho la lona lesupi.

8 O se ke wa re balla melato,

melato ya bo-ntata rona,

o mpe o re kgahlanyetse kapele,

o re kgahlanyetse ka lerato la hao,

hobane re nyenyefaditswe haholo.

9 Ako re thuse, Modimo,

wena mopholosi wa rona,

bitso la hao le tle le tlotliswe;

ako re namolele,

mme o re tshwarele dibe

ka baka la lebitso la hao.

10 Ke hobaneng ha baditjhaba ba tla re:

“O kae Modimo wa bona?”

A re ke re bone ka mahlo a rona

ha o phetetsa madi

a bahlanka ba hao,

madi a tsholotsweng ke baditjhaba.

11 Mefehelo ya batshwaruwa

e ke e finyelle ho wena,

ka matla a letsoho la hao

ako pholose ba ahloletsweng lefu.

12 Morena, bao re ahisaneng le bona

o ke o ba buseletse hasupa

dinyefolo tseo

ba o nyefotseng ka tsona.

13 Empa rona setjhaba sa hao,

mohlape wa makgulo a hao,

re tla o boka kamehla,

re phetele meloko yohle

dithoko tsa hao.