Modimo a tshajwe
1 Pesalema ya Asafo. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka diletsa tsa dikgwele. Sefela.
2 Modimo o a tsejwa naheng ya Juda,
lebitso la hae le leholo Iseraeleng.
3 Motlotlwane wa hae o Salema,
leaho la hae le Sione.
4 Ke moo a robileng metsu,
metsu e bebang ya seqha,
le thebe, le sabole, le hlomo tsa ntwa.
5 O kganya hakaakang,
o tlotleha hakaakang,
ha o kgutla dithabeng tsa tlholo!
6 Dinatla di hlakotswe kgapo ya tsona,
tsa robala boroko ba lefu;
bahlabani bohle
ba sitilwe ho itwanela.
7 Yare ha o kgalemela,
wena Modimo wa Jakobo,
dikariki le dipere tsa ntwa tsa fetoha,
tsa fetoha diemahale.
8 Wena, o a tshabeha!
Ke mang
ya ka emang kapele ho wena,
a ema teng ha o halefile?
9 O dihile kahlolo o le lehodimong,
lefatshe la tshoha, la kgutsa,
10 ha Modimo a ema ho ahlola bohle,
le ho pholosa bohle,
bohle ba eisehang ba lefatshe.
11 Kgalefo ya batho
e tla o fetohela thoriso,
ba phonyohileng kgalefo ya hao
ba tla o etsetsa mekete.
12 Etsang dikano,
le di etsetse Morena Modimo wa lona,
le be le di phethe;
ditjhaba tsohle tse kamathoko
di nyehelle Ya Tshajwang,
13 yena ya fedisang boikgohomoso,
boikgohomoso ba mahosana,
yena ya tshajwang
ke dikgosi tsa lefatshe.