DIPESALEMA 75

Modimo ke moahlodi

1 Pesalema ya Asafo. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka mmino wa sefela sa “O se ke wa senya”. Sefela.

2 Re a o boka Modimo, re a o boka,

rona ba rapelang lebitso la hao,

ba bolelang dimakatso tsa hao.

3 “Ka nako eo ke e beileng,”

ho rialo Modimo,

“ke nna ya tla ahlola ka ho loka.

4 Leha lefatshe le ka thothomela

le bohle ba ahileng ho lona,

ke nna ya tiisitseng ditshiya tsa lona.

5 Ke itse ho baikakasi:

ho ba kgopo ka re:

6 le se ke la kgantsha matla hakaalo,

kapa la bua le sataladitse melala.> ”

7 Kahlolo ha e tswe botjhabela,

kapa ha e tswe bophirimela,

leha e le lehwatateng

kapa dithabeng.

8 Ke Modimo ya ahlolang:

O kokobetsa e mong,

a phahamise e mong.

9 Ka letsohong

Morena o tshwere mohope

o phophomang veine

e lomosehileng.

O qhatsetsa bohle ba kgopo

ba lefatshe;

ba a nwa, ba minyeletsa le maritsa.

10 Empa nna ke tla mo fapha kamehla,

ke roke Modimo wa Jakobo.

11 O tla fedisa matla wohle a ba kgopo,

mme ba lokileng ba tla matlafala.