Puso ya Mesia
1 Pesalema ya Solomone.
Oho, Modimo,
etsa hore kgosi e ahlole,
e ke e ahlole ka toka,
o nee mora kgosi ho loka ha hao,
2 a tle ahlolele tjhaba sa hao,
a se ahlolele ka ho loka,
le mafutsana a hao ka toka.
3 Dithaba di ke di tlise kgotso,
di e tlisetse setjhaba,
le wona maralla
a se tlisetse ho loka.
4 Bahlophehi hara setjhaba
a ba ahlolele,
a pholose bana ba mafutsana,
a hatakele mohatelli.
5 A ke a phele halelele jwaloka letsatsi,
le jwaloka kgwedi
ho isa melokong yohle.
6 A be jwaloka pula a nelang jwang,
le jwaloka medupe
e nwesetsang lefatshe.
7 Ditshiung tsa hae
ho loka ho ke ho ate,
le kgotso e be ngata,
ho fihlela kgwedi e fifalla ruri.
8 A buse ho tloha lewatleng le leng
ho isa ho le leng,
le ho tloha Nokeng
ho isa pheletsong tsa lefatshe.
9 Ba mo lwantshang
ba ke ba mo kgumamele,
dira tsa hae di nyeke lerole.
10 Dikgosi tsa Tarashishe
le tsa dihlekehleke
di ke di mo nyehelle,
dikgosi tsa Sheba le tsa Seba
di mo tlisetse dithelo.
11 Dikgosi tsohle di itihe kapele ho yena,
ditjhaba tsohle di mo sebeletse.
12 O tla lopolla mohloki
ya llang ho yena,
le mohlophehi
ya hlokang mothusi.
13 Ya fokolang le ya hlokang
o tla ba utlwela bohloko,
a pholose bophelo ba mafutsana.
14 O tla ba lopolla
a be lopolle ho ba mamenemene,
a ba lopolle le ho ba sehloho,
madi a bona e tla ba a bohlokwa,
e be a bohlokwa mahlong a hae.
15 A ke a phele!
A newe kgauta ya Sheba,
a nne a rapellwe ho sa kgaotswe,
a nne a bokwe ka matsatsi wohle.
16 Lefatshe le ke le aparelwe ke koro,
e ekethehe qhoweng tsa dithaba,
tjhai e be jwaloka ya Lebanone;
metseng ho tlale batho,
ba be jwaloka jwang ba naha,
jwang bo tlokomang.
17 Lebitso la hae le se ke la lebalwa,
le se ke la lebalwa le ka mohla,
le hopolwe
ha letsatsi le ntse le tjhaba.
Ditjhaba tsohle
di ke di hlohonolofale,
di hlohonolofale ka baka la hae,
merabe yohle
e mmitse ya lehlohonolo.
18 Ho bokwe Morena,
Modimo wa Iseraele,
e leng yena a inotshi
ya etsang dimakatso.
19 Lebitso la hae le tlotlehang le bokwe,
le bokwe kamehla le mehla,
lefatshe lohle le tlale tlotla ya hae.
A ho be jwalo! A ho be jwalo!
20 Dithapelo tsa Davida, mora Jese, di fella mona.