DIPESALEMA 67

Thapelo ya ho leboha kotulo

1 Pesalema. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka diletsa tsa dikgwele. Sefela.

2 Modimo ako re hauhele,

o re hlohonolofatse,

o re bontshe sefahleho,

fahleho se kganyang kgotso.

3 Ditsela tsa hao

di ke di tsejwe lefatsheng,

ditjhaba tsohle di tsebe

hore o a pholosa.

4 Ditjhaba di ke di o boke,

wena Modimo,

ditjhaba tsohle di o boke.

5 Merabe e ke e thabe, e etse ditlatse,

hobane o ahlola ditjhaba ka toka;

ke wena motsamaisi

wa merabe lefatsheng.

6 Ditjhaba di ke di o boke,

wena Modimo,

ditjhaba tsohle di o boke.

7 Lefatshe le bile le tjhai e kgolo,

Modimo, Modimo wa rona,

o re hlohonolofaditse!

8 Modimo o re hlohonolofaditse,

a tshajwe ke bohle lefatsheng,

ho isa dipheletsong tsa lona.