Sefela sa teboho
1 Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini. Sefela.
2 Modimo, o lokelwa ke thoriso,
e o lokela o le Sione;
dikano di phethelwa wena,
3 wena ya utlwang thapelo.
Batho bohle ba tla tla ho wena,
4 ba tle ka baka la dibe tsa bona.
Ha re imetswe ke melato,
wena o a re tshwarela.
5 Ho lehlohonolo eo o mo kgethileng,
wa mo amohela,
hore a tle a ahe mabaleng a hao.
Re tla kgora tse molemo
tsa Ntlo ya hao,
tse halalelang tsa Tempele ya hao.
6 O re arabela ka diketso tse hlollang,
diketso tse hlollang tsa toka,
wena Modimo, mopholosi wa rona;
wena o leng tshepo ya bohle
ho isa dipheletsong tsa lefatshe,
le dihlekehlekeng tse hole.
7 Ka matla a hao o hlomile dithaba,
o bontsha bonatla ba hao;
8 o kgutsisa ho tuduana ha mawatle,
ho tuduana ha maqhubu a wona,
le ho dumaduma ha ditjhaba.
9 Ba ahileng dipheletsong tsa lefatshe
ba tshaba dipontsho tsa hao;
o etsa hore bohle ba howe ka thabo,
ho tloha botjhabela
ho isa bophirimela.
10 O etela lefatshe, o a le nwesetsa,
o le sitsa ka nala;
noka tsa mahodimo di phename,
ho fa batho dijo.
Ka mokgwa oo o lokisa lefatshe,
11 ka ho kolobisa boleme ba masimo,
ho phophotha makwete a wona,
ho nolofatsa mobu
ka pula tsa medupe,
le ho hlohonolofatsa
dijalo tsa wona.
12 O rwesa selemo mofapahlooho,
mofapahlooho wa tse molemo tsa hao,
mehlaleng ya hao ke nala feela.
13 Makgulo a lehwatata
a tshwetshwetha metsi,
maralla a aparetswe ke thabo.
14 Diphula di aparetswe ke mehlape,
dikgohlo di tletse mabele.
Tsena tsohle di howa ka thabo,
di a bina.