Tshireletso malemeng a ba kgopo
1 Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini.
2 Modimo, ako utlwe sello sa ka,
sello sa ka sa masisapelo,
o sireletse bophelo ba ka
o bo sireletse ha sera se ntshosa.
3 Mpate hole le mokgatlo,
mokgatlo wa ba etsang bobe,
hole le sehlopha sa ba kgopo;
4 ba leotsang maleme a bona
ba a leotsa sa disabole,
ba hlabang ka mantswe a babang,
mantswe a kang metsu.
5 Ba fula ya se nang kodi ba ipatile,
ba mo fula ka tsometso
ba se na letswalo.
6 Ba tiile morerong wa bona o mobe,
ba rera ho tjheha maraba, ba re:
“Re tla bonwa ke mang?”
7 Ba rera bokgopo, ba re:
“Re lohile mano ka bohlale.”
Mehopolo ya motho ke kweetsa,
le pelo ya hae ke kweetsa.
8 Empa Modimo o ba fula
ka metsu ya hae,
o ba hlaba ka ho ba tsometsa.
9 Maleme a bona a a ba timetsa;
bohle ba ba bonang
ba sisinya dihlooho.
10 Jwale bohle ba tla tshaba,
ba bolele mosebetsi wa Modimo,
ba utlwisise ketso ya hae.
11 Ya lokileng o tla thabela Morena,
mme a tshabele ho yena;
bohle ba pelo di ntle ba ithorise.