Modimo ke setshabelo sa ka
1 Pesalema ya Davida. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka diletsa tsa dikgwele.
2 Modimo, ako utlwe sello sa ka,
ako mamele thapelo ya ka.
3 Ke ipiletsa ho wena
ke le pheletsong tsa lefatshe,
pelo ya ka e saretswe.
O ntlhwesetse lefikeng
leo ke sitwang ho le hlwa,
4 hobane o setshabelo sa ka,
qhobosheane e matla
mahlong a dira tsa ka.
5 A nke ke dule
ka Tempeleng ya hao kamehla,
ke tle ke tshabele
tlasa mapheo a hao.
6 Wena Modimo,
o amohetse dikano tsa ka;
ba tshabang lebitso la hao
o ba fa seo ba se lakatsang.
7 Ekeletsa kgosi matsatsi a bophelo,
dilemo tsa yona
di akaretse le meloko e tlang.
8 E ke e dule teroneng
kamehla le mehla,
e dule kapele ho Modimo;
mohau le nnete ya hao
di ke di e boloke.
9 Ke moo ke tla roka
lebitso la hao kamehla,
ha ke ntse ke phetha dikano tsa ka,
ke di phetha ka matsatsi wohle.