Thapelo ya ho ikopela thuso
1 Pesalema ya Davida. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka mmino wa sefela sa “O se ke wa senya”. Ke ya mohla Davida a neng a etswa lehaheng, a baleha Saule.
2 Nkgauhele, oho, Modimo nkgauhele,
hobane ke tshabela ho wena.
Ke tshabela moriting
wa mapheo a hao,
ho fihlela koduwa e ba e feta.
3 Ke ipiletsa ho Modimo,
Ya Hodimodimo,
yena Modimo ya nketsetsang tsohle.
4 A le mahodimong, a ke a nthusetse;
a ferekanye ya nkgatakelang.
Modimo a ntshitse
ka mohau wa hae,
a mpontshe botshepehi ba hae.
5 Ke dutse hara ditau
tse harolang batho;
meno a tsona
a ka marumo le metsu,
maleme a tsona
a ka sabole tse bohale.
6 Modimo, bontsha hore
o okametse mahodimo,
tlotla ya hao
e phahamele lefatshe lohle.
7 Ba tjhehile maoto a ka ka leraba,
mme moya wa ka o siame;
ba ntjheketse lemena,
empa ke bona
ba wetseng ka ho lona.
8 Pelo ya ka e matlafetse, Modimo,
pelo ya ka e matlafetse;
ke tla bina, ke o roke.
9 Tsoha, moya wa ka;
tsohang, lona thomo le harepa;
ke tla tsoha mafube a eso hlahe.
10 Morena, ke tla o boka hara ditjhaba,
ke o roke hara merabe;
11 hobane mohau wa hao o moholo,
o fihla mahodimong,
le botshepehi ba hao
bo fihla marung.
12 Modimo, bontsha hore
o okametse mahodimo,
tlotla ya hao
e phahamele lefatshe lohle.