DIPESALEMA 56

Thapelo ya ho tshepa Modimo

1 Pesalema ya Davida. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka mmino wa sefela sa modumo wa “Leeba le difateng tse hole”. Ke ya mohla Bafilesita ba neng ba tshwere Davida motseng wa Gate.

2 Oho, Modimo, ako nkgauhele,

hobane batho ba a nkgatakela,

ba ntwantshang

ba mpatisitse kamehla,

3 Ba ntaletseng ba nkgatakela kamehla,

ba bangata ba ntwantshang.

4 Wena Ya Hodimodimo,

mohla ke tshohileng,

ke tla tshepa wena.

5 Ke rorisa Modimo,

hobane ke a mo tshepa,

ke tshepa Modimo,

nke ke ka tshaba letho;

motho yena a ka nketsang?

6 Ba sotha dipuo tsa ka kamehla,

merero yohle ya bona

e ntswalla bobe.

7 Ba a bokana, ba ipatele nna,

ba lalle metsamao ya ka,

ba ntse ba tsoma bophelo ba ka.

8 Na ba ka phonyoha

ka baka la bokgopo ba bona?

Oho, Modimo,

ako dihe baditjhaba,

o ba dihe ka kgalefo ya hao.

9 O tseba ho lelera ha ka,

o kgakeleditse meokgo ya ka,

o e kgakeleditse ka lefiswana;

na tsee ha di a ngolwa

bukeng ya hao?

10 Ha ke ipiletsa ho wena,

dira tsa ka di tla tjhetjha.

Ke a tseba

hore Modimo o na le nna.

11 Ke rorisa Modimo

hobane ke a mo tshepa,

ke rorisa Morena

hobane ke a mo tshepa.

12 Ke tshepile Modimo,

nke ke ka tshaba letho;

motho yena a ka nketsang?

13 Modimo, dikano tsa ka ho wena

di ntlamile;

ke tla o nyehella

ka mahlabelo a teboho,

14 hobane o mpholositse lefung,

o phemisitse maoto a ka,

wa a phemisa ho kgopjwa,

ke tle ke tsamaye

pontsheng ya Modimo,

seding la ba phelang.