Bokgopo ba batho
1 Pesalema ya Davida. Thothokiso e nang le thuto. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka makodilo.
2 Ka pelong sethoto se re:
“Ha ho na Modimo.”
Diketso tsa batho di bodile,
di a nyonyeha,
ha ho le ya mong ya etsang tse ntle.
3 Modimo, a le mahodimong,
o tadima bana ba batho,
ho bona hore
na ho teng ya utlwisisang,
ya batlang Modimo.
4 Bohle ba kgelohile,
ba senyehile kaofela;
ha ho ya etsang tse ntle,
ha ho le ya mong.
5 Na baa bohle ha ba na tsebo,
baa ba etsang tse sa lokang
baa ba itjellang setjhaba sa ka,
jwalokaha ba eja bohobe,
ba sa ipiletse ho Modimo?
6 Jwale ba tla tshoha haholo,
ba tshohe kantle ho lebaka,
hobane Modimo
o tla qhalanya masapo,
masapo a ba neng ba o thibeletse.
O tla ba hlabisa dihlong,
mohla Modimo a ba lahlang.
7 E se eka pholoho ya Iseraele
e ka tswa Sione!
Mohla Modimo a kgutlisang
setjhaba sa hae,
a se kgutlisa bothopuweng,
Jakobo o tla nyakalla,
Iseraele le yena a thabe.