Bothoto ba ho tshepa maruo
1 Pesalema ya bara ba Kora, e qapetsweng motsamaisi wa dibini.
2 Mamelang, lona ditjhaba tsohle;
sekehang tsebe,
lona baahi bohle ba lefatshe,
3 lona bafo le lona marena,
lona barui le mafutsana hammoho.
4 Molomo wa ka o tla bua tsa bohlale,
pelong ya ka ke tla nahana
tse nang le kelello.
5 Ke tla sekehela maele tsebe,
ke tla hlalosa selotho sa ka
ke ntse ke letsa harepa.
6 Nka tshoha eng nakong tse mpe,
ha ke teetswe hare ke dira tse kgopo,
7 e leng batho
ba tshepileng matlotlo a bona,
ba ithorisang
ka maruo a bona a mangata?
8 Ha ho motho
ya ka lopollang ngwanabo,
leha e le ho mo lefella ho Modimo.
9 Tefello ya bophelo ba motho
e feta matla a hae,
a ke ke a e lekana le ka mohla!
10 Motho a ke ke a phela hoyahoile,
a se ke a tseba lebitla.
11 O tla fela a bone
hore le ba bohlale ba a shwa,
sethoto le lewatla
ba timela ka ho tshwana,
ba siele ba bang matlotlo a bona.
12 Mabitla a bona
ke matlo a bona a mehla yohle,
ke leaho la bona
ho isa melokong yohle,
le hoja dinaha di reeletswe ka bona.
13 Motho ya phelelang leruo
o hloka kelello,
o tshwana le diphoofolo tse shwang.
14 Ena ke yona tsela ya ba itshepileng,
ke pheletso ya ba kgotsofetseng,
ba kgotsofaletseng matlotlo a bona.
15 Ba kgannelwa Nqalong ya Bafu
jwaloka dinku;
lefu e tla ba modisa wa bona.
Ba tla theohela lebitleng,
sebopeho sa bona se tla senyeha;
Nqalo ya Bafu e tla ba leaho la bona.
16 Empa Modimo o tla ntopolla,
a nntshe diatleng tsa lefu.
17 O se ke wa tshoha
leha motho a ka rua,
mme matlotlo a ntlo ya hae
a eketseha;
18 hobane mohla a shwang
a ke ke a nka letho,
matlotlo a hae
a ke ke a mo sala morao.
19 Le hoja ha a sa phela,
a ne a ikuka a le lehlohonolo,
kapa a ne a rorisetswa
katleho ya hae,
20 o tla be a yo fihla
molokong wa bo-ntatae,
ba ke keng ba hlola ba bona lesedi.
21 Motho ya phelelang leruo
o hloka kelello,
o tshwana le diphoofolo tse shwang.