DIPESALEMA 48

Sione ke motse wa Modimo

1 Pesalema ya bara ba Kora. Sefela.

2 Morena o moholo,

o lokelwa ke thoriso e kgolo

motseng wa Modimo wa rona,

thabeng ya hae e a halalelang.

3 Thaba ya Sione e a kgahleha,

e kgahleha ka bophahamo ba yona,

e thabisa lefatshe lohle;

e ka leboya

ho motse wa Kgosi e kgolo.

4 Modimo o teng matlung a bokgosi,

matlung a bokgosi a motse oo,

yena o tsejwa e le qhobosheane.

5 Bonang, dikgosi di ile tsa kopana,

tsa o futuhela di le mmoho.

6 Tsa o bona, mme tsa hlollwa;

tsa ferekana, mme tsa baleha.

7 Tsa tshwarwa ke thothomelo,

ya di tshwara hona moo,

le bohloko bo kang ba pelehi;

8 jwalokaha moya wa botjhabela

o pshatlakanya dikepe,

kepe tsa Tarashishe.

9 Seo re se utlwileng re bile re se bone

motseng wa Morena wa mabotho,

motseng wa Modimo wa rona,

oo Modimo a o tiisitseng

ka ho sa feleng.

10 Modimo, re hopola mohau wa hao

re le ka Tempeleng ya hao.

11 Jwaloka lebitso la hao Modimo,

thoriso ya hao e fihla jwalo,

e fihla jwalo pheletsong tsa lefatshe.

Tsoho la hao le letona le tletse toka.

12 Thaba ya Sione e ke e thabe;

metse ya Juda e ke e nyakalle

ka baka la kahlolo tsa hao.

13 Potapotang Sione, le e potolohe,

balang ditora tsa yona;

14 elang hloko lerako la yona,

rako la yona la tshireletso,

hlahlobang matlo a yona a bokgosi,

le tle le phetele moloko o tlang,

le re:

15 “Enwa ke Modimo,

ke Modimo wa rona

kamehla le mehla,

o tla re tsamaisa.”