Modimo o busa lefatshe lohle
1 Pesalema ya bara ba Kora, e qapetsweng motsamaisi wa dibini.
2 Lona ditjhaba tsohle, opang mahofi;
faphang Modimo ka mehoo ya thabo.
3 Morena ya hodimodimo o a tshabeha;
ke yena kgosi e kgolo,
kgosi ya lefatshe lohle.
4 O bea ditjhaba tlasa puso ya rona,
merabe katlasa maoto a rona.
5 O re kgethela lefa la rona,
bokgabane ba Jakobo
eo a mo ratileng.
6 Modimo o nyolohile
ka mehoo ya thabo,
Morena o nyolohile ka modumo,
ka modumo wa terompeta.
7 Rokang Modimo, mo rokeng;
rokang kgosi ya rona, e rokeng.
8 Modimo ke kgosi ya lefatshe lohle,
mo rokeng ka bokgeleke.
9 Modimo o rena hodima ditjhaba,
Modimo o dutse teroneng,
teroneng ya hae e halalelang.
10 Mahosana a ditjhaba
a bokane hammoho,
hore e be setjhaba
sa Modimo wa Aborahama;
hobane babusi ba lefatshe
ke ba Modimo,
mme yena
o kahodimodimo ho bohle.