DIPESALEMA 45

Pina ya lenyalo la kgosi

1 Thothokiso e nang le thuto, ya bara ba Kora. Pina ya lerato. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka mmino wa sefela sa “Mohaladitwe”.

2 Pelong ya ka

ho tletse taba tse monate,

ke bolela

tseo ke di qapetseng kgosi,

leme la ka le ka lesiba la sengodi,

siba la sengodi se mahlahahlaha.

3 O motle

ho feta bana bohle ba batho,

molomo wa hao o a kgahleha,

hobane Modimo

o o hlohonolofatsa kamehla.

4 Wena mohale,

tlamella sabole ya hao qholong;

ka hlompho le ka botlotlehi ba hao,

5 palama, o hlole, o lwanele nnete,

le boikokobetso, le ho loka.

Tsoho la hao le letona

le o etsetse diketso tse makatsang.

6 Metsu ya hao e leotsehile,

ditjhaba di tla wela tlasa puso ya hao,

dira tsa kgosi di tla nyahama pelo.

7 Terone ya hao, Modimo,

ke ya kamehla le mehla,

lere la hao la puso

ke lere la toko.

8 O rata ho loka, o hloile bokgopo.

Kahoo Modimo, Modimo wa hao,

o o tlotsitse ka ole ya thabo,

ho ena le balekane ba hao;

9 aparo tsa hao tsohle

di nonoditswe ka mmira,

le ka lekgala, le ka sente.

Matlung a kgabisitsweng

ka manaka a tlou

ho utlwahala harepa tse o thabisang.

10 Kgosatsana di teng

hara mafumahatsana,

mafumahatsana a hao a lomphehang;

mofumahadi o eme

tsohong la hao le letona,

o eme a kgabile ka kgauta ya Ofire.

11 Mamela, morwetsana;

bona, o sekehe tsebe;

tela tjhaba sa heno le lapa leno,

12 hore kgosi e tle e tjhatjhehele botle,

e tjhatjhehele botle ba hao haholo.

Kahobane ke yona monga hao,

o itihe maotong a yona.

13 Ba motse wa Tire

ba tla o nyehella ka dimpho,

barui ba baditjhaba

ba tla batla thuso ya hao.

14 Kgosatsana e kena e le Seilatsatsi,

aparo tsa yona di homilwe ka kgauta;

15 e iswa ho kgosi

e apere tse mahadihadi.

Baetsana ba barwetsana

ba tliswa ho kgosi.

16 Ba tliswa ka thabo le nyakallo,

ba kena ka tlung ya kgosi.

17 Tulong tsa bo-ntatao

ho tla dula bara ba hao,

o tla ba bea mahosana naheng yohle.

18 Ke tla etsa hore bitso la hao

le hopolwe ke meloko yohle;

ka baka leo, tjhaba di tla o boka,

di o boke kamehla le mehla.