DIPESALEMA 44

Kodi-ya-malla ya tjhaba se hlotsweng

1 Thothokiso e nang le thuto, ya bara ba Kora, e qapetsweng motsamaisi wa dibini.

2 Modimo, re utlwile ka tsebe tsa rona,

bo-ntata rona ba re phetetse tsohle

tseo o di entseng mehleng ya bona,

wa di etsa ka tsoho la hao,

wa di etsa mehleng eo ya kgale.

3 O ile wa leleka ditjhaba,

hore o tle o ba bee naheng ya tsona;

wa etsa merabe hampe,

hore ba tle ba namele hohle.

4 Hase ka sabole ba hapileng naha eo,

leha e le ho hlola

ka matsoho a bona;

empa e bile

ka tsoho la hao le letona,

le ka sefea sa hao,

le ka ho ba phuthollela

fahleho sa hao,

hobane o ne o ba rata.

5 Ke wena kgosi ya ka

le Modimo wa ka,

ya sitsang Jakobo ka tlholo.

6 Ke ka wena re dihang

ba re lwantshang;

ka lebitso la hao re a hatakela

re hatakela ba re tsohelang matla.

7 Ha ke a tshepa seqha sa ka,

le ho hlola ka sabole ya ka.

8 Empa ke wena ya re pholosang,

ya re pholosang

ho ba re lwantshang;

ba re hloileng

ba hlabisa dihlong.

9 Re rorisa Modimo kamehla,

ha re kgaotse ho boka lebitso la hao.

10 Empa jwale o re lahlile,

wa etsa hore re tlontlolohe;

ha o sa tswa le mabotho a rona.

11 O entse hore ba re lwantshang

ba re tjhetjhise;

ba re hloileng

ba ikgapetse tsa rona,

ba ikgapela tsona ka ho rata.

12 O re tloheletse

ho ba dinku tse hlajwang,

wa re qhalanya hara ditjhaba.

13 O rekisitse setjhaba sa hao

o sa fumane letho,

ha o a rua letho ka theko ya sona.

14 O re fetotse sekgobo

ho baahisane ba rona;

sesomo le setsheho

ho ba re potapotileng.

15 O re entse pale hara ditjhaba,

merabe e re sisinyetsa dihlooho.

16 Ke hopola

ho tlontloloha ha ka kamehla,

sefahleho sa ka

se aparetswe ke dihlong,

17 ka baka la mantswe a ya hlapaolang,

mantswe a ya nyefolang,

ka baka la sera le moiphetetsi.

18 Tsena tsohle di re wetse hodimo

tsa re wela re sa ka ra o lebala,

re sa ka ra roba selekane sa hao.

19 Pelong tsa rona ha re a o kwenehela,

maoto a rona

ha a a fapoha tsela ya hao;

20 empa wena o re robokeletse,

wa re robokella

moo ho phelang diphokojwe,

wa re kwahela ka lefifi,

fifi le letsholetsho.

21 Hoja re ne re lebetse lebitso,

lebitso la Modimo wa rona,

re phahamisitse matsoho a rona,

re a phahamiseditse modimo osele,

22 na Modimo a ka be a sa sibolla hoo,

yena ya tsebang diphiri

tse ka dipelong?

23 Ke ka baka la hao

re bolawang kamehla,

re nkwang re le dinku tse hlajwang.

24 Tsoha, Morena, o robaletseng?

Tsoha, o se ke wa re lahlela ruri!

25 O patetseng sefahleho sa hao?

O lebaletseng

ho hlopheha ha rona

le ho hatellwa ha rona?

26 Meya ya rona e kudupana leroleng,

re hahaba fatshe ka dimpa.

27 Tsoha, o re thusetse!

Re lopolle ka baka la mohau wa hao.