Thapelo ya mokudi
1 Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini.
2 Ho lehlohonolo
ya hlokomelang mofutsana;
Morena o tla mo lopolla,
a mo lopolle mohla tsatsi la tlokotsi.
3 Morena o tla mo sireletsa,
a mo phedise hamonate lefatsheng;
a ke ke a tlohella dira tsa hae
ho etsa borata ka yena.
4 Morena o tla mo thusa
diphateng tsa lefu,
a nne a fetole diphate tsa hae,
a di fetole ha a ntse a kula.
5 Ha e le nna ke ile ka re:
“Morena, nkgauhele,
mphodise hobane ke o sitetswe.”
6 Dira tsa ka di tla mpua hampe, di re:
“O tla shwa neng,
lebitso la hae le tswe le fela?”
7 Ha motho a tlilo mpona,
o bua mafeela,
pelo ya hae e rwalla tse mpe,
tseo etlare hoba a tswe,
a tsamaye a di hasanya.
8 Bohle ba ntlhoileng
ba bokanela ho ntsheba,
ba ntherela bomadimabe.
9 Ba re: “O kenwe ke lefu le lebe,
o rapaletse, a ke ke a hlola a tsoha.”
10 Esita le motswalle
wa hlooho ya kgomo,
eo ke ntshanang se inong le yena,
o nthahile ka serethe.
11 Empa wena Morena,
ako nkgauhele, o ntsose,
ke tle ke ba buseletse.
12 Ka hona ke tla tseba
hore o kgahlwa ke nna,
ha sera sa ka
se se se sa ithorisetse nna.
13 O tla mpoloka ke se na kodi,
o mpee kapela hao kamehla.
14 Ho bokwe Morena,
Modimo wa Iseraele,
kamehla yohle,
e se nang qaleho le qetello.
Amen. Amen.