DIPESALEMA 4

Thapelo ya mantsiboya

1 Pesalema ya Davida. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka diletsa tsa dikgwele.

2 Oho, Modimo,

mosireletsi wa ditokelo tsa ka,

ako nkarabe ha ke ipiletsa ho wena.

O ntokolotse matshwenyehong a ka;

nkgauhele, o mamele thapelo ya ka.

3 Lona batho ting!

le tla ntlontlolla ho fihlela neng,

le rate mafeela,

le mathele mashano?

4 Tsebang hore Morena

o etsetsa motshepuwa wa hae

tse hlollang,

Morena o a mmamela

ha ke ipiletsa ho yena.

5 Tshabang Modimo,

le se hlole le etsa sebe;

tholang, mme le thuise tsena

ka dipelong,

le di thuise ha le le diphateng.

6 Nyehelang ka mahlabelo

ka mokgwa o lokelang,

le nyehele ka wona,

le tshepe Morena.

7 Ba bangata ba re:

“Re tla fumantshwa lehlohonolo

ke mang?”

Oho, Morena,

re phuthollele sefahleho sa hao.

8 O thabisitse pelo ya ka

ho feta mohla batho

ba atetsweng ke koro le veine.

9 Ke tla ithoballa ka kgotso,

ke kgalehe hanghang,

hobane Morena ke wena feela,

ke wena feela

ya ntshireletsang kahohle.