Moetsadibe o ipiletsa ho Modimo
1 Pesalema ya Davida, ya kgopotso.
2 Oho, Morena,
o se ke wa nkotla o nkgalefetse,
o se ke wa nkgalemela o le bohale.
3 Metsu ya hao e ntlhabile,
letsoho la hao le nkotlile habohloko.
4 Ha ho moo ho seng bohloko
mmeleng wa ka,
ka baka la kgalefo ya hao;
ha ho bophelo masapong a ka,
ka baka la sebe sa ka.
5 Melato ya ka e mpupeditse hlooho,
e nkimela jwaloka mojaro o boima.
6 Maqeba a ka a a nkga,
a phephetha boladu,
ka baka la bothoto ba ka.
7 Ke kotlobane, ke a kgokgoba,
ke tsamaya tsatsi lohle ke hlomohile.
8 Letheka la ka le a futha,
ha ho moo ho seng bohloko
mmeleng wa ka.
9 Ke a fokola, ke robehile ditho,
ke dumaela ka baka la ho hlora
ha pelo ya ka.
10 Morena, o tseba tsohle
tseo ke di lakatsang,
ho fehelwa ha ka
ha ho a pateha ho wena.
11 Pelo ya ka e otla habohloko,
ke feletswe ke matla;
mahlo a ka a fifetse.
12 Metswalle le balekane ba ka
ba emeletse thoko le bohloko ba ka,
baheso ba emeletse hole le nna.
13 Ba batlang bophelo ba ka,
ba ntjhehile ka maraba,
ba ntakaletsang bomadimabe,
ba ntherela timelo,
tsatsi lohle ba ntohela mano.
14 Empa nna ke jwaloka tsebetutu,
ha ke utlwe;
ke jwaloka semumu,
ha ke bue.
15 Nna ke jwaloka motho
ya sa utlweng ditsebeng,
eo molomong wa hae
ho seng dikgang.
16 Morena, ke tshepile wena;
ke wena ya tla nkaraba,
Morena Modimo wa ka,
17 ha ke re:
“Ba se ke ba ithabisa ka nna,
ba ithorisa ha leoto la ka le thella.”
18 Ke lekgatheng la ho wa,
ke utlwa bohloko kamehla.
19 Ke bolela molato wa ka,
ke swabela sebe sa ka.
20 Ba itshemmeng bora ho nna
ba matla,
ba ntlhoileng ntle ho lebaka
ba ngatafetse,
21 e leng ba mpuseletsang
botle ka bobe,
ba nqosang hobane ke latela botle.
22 Morena, o se ke wa ntahla;
Modimo wa ka, se be hole le nna.
23 Phakisa o nthuse,
Morena, wena mopholosi wa ka.