Moputso le kahlolo
1 Pesalema ya Davida.
O se ke wa itlhonamisa
ka ba etsang bokgopo,
o se ke wa honohela
ba etsang tse sa lokang.
2 Ba tla omella kapele jwaloka jwang,
ba tla pona jwaloka ditlama,
ditlama tse talana.
3 Tshepa Morena, o etse botle,
o tle o iphelele lefatsheng ka kgotso.
4 Thabela Morena,
mme o tla o nea tse lakatswang
ke pelo ya hao.
5 Ipee matsohong a Morena;
o mo tshepe, ho tla sebetsa yena.
6 O tla etsa
hore ho loka ha hao ho kganye,
ho kganye jwaloka lesedi,
le ditokelo tsa hao
di kganye jwaloka letsatsi,
motsheare o moholo.
7 Kgoba matshwafo, o lebelle Morena;
o se ke wa itlhonamisa
ka eo tsohle di mo atlang,
e leng
ya phethang merero e kgopo.
8 Kgaotsa ho halefa, o tlohele bohale;
o se ke wa itlhonamisa,
esere wa etsa bobe.
9 Ba etsang bokgopo ba tla fediswa;
empa ba tshepang Morena
lefatshe e tla ba lefa la bona.
10 Ho se ho se hokae:
Ya kgopo o tla be a nyametse;
leha o tadima tulong tsa hae,
o tla be a le siyo.
11 Ba ikokobetsang,
lefatshe e tla ba lefa la bona,
ba thabele kgotso e phethehileng.
12 Ya kgopo o rera ya lokileng,
o mo tsikitlanyetsa meno;
13 empa Morena o tsheha ya kgopo,
hobane o bona hore
tsatsi la hae le a tla.
14 Ba kgopo
ba tsomula sabole tsa bona,
ba hula diqha tsa bona,
ho fula bahlophehi le mafutsana,
ho bolaya ba metsamao e metle.
15 Sabole tsa bona
di tla ba hlaba dipelo,
diqha tsa bona di tla robeha.
16 Sejosenyane sa ya lokileng
se molemo
ho ena le kgora ya ya kgopo;
17 hobane matla a ya kgopo
a tla fediswa,
athe Morena o tshehetsa ya lokileng.
18 Morena o tseba ditshiu
tsa ba hlokang kodi,
lefa la bona e tla ba le sa feleng.
19 Ba ke ke ba hlajwa ke dihlong
nakong tse mpe,
matsatsing a tlala ba tla kgora.
20 Empa ba kgopo ba tla timela;
bao e leng dira tsa Morena
ba tla fela jwaloka botle ba makgulo,
ba nyamele jwaloka mosi.
21 Ya kgopo o a adima,
empa ha a busetse;
ya lokileng o na le mohau, o a fana.
22 Bao Morena a ba hlohonolofaditseng
lefatshe e tla ba lefa la bona;
bao a ba rohakileng ba tla fediswa.
23 Morena ke yena
ya tiisang mehato ya batho,
mme o kgahlwa ke metsamao ya bona.
24 Leha ba ka wa, ha ba tjapallele ruri,
hobane Morena
o ba nenesa ka letsoho.
25 Nkile ka ba motjha,
kajeno ke tsofetse,
empa ha ke eso bone
ya lokileng a lahlilwe,
le ditloholo tsa hae di kopa bohobe.
26 Kamehla ya lokileng o mohau,
o a adimana,
mme ditloholo tsa hae
ke tlhohonolofatso.
27 Furalla bobe, o etse botle,
o tle o be le leaho kamehla.
28 Morena o rata ho loka,
mme a ke ke
a furalla batshepuwa ba hae.
Ba kgopo ba tla timella ruri,
ditloholo tsa bona di tla fediswa.
29 Ba lokileng
lefatshe e tla ba lefa la bona,
ba phele ho lona kamehla le mehla.
30 Molomo wa ya lokileng
o bolela tsa bohlale,
leleme la hae le bua tsa ho loka.
31 Molao wa Modimo wa hae
o ka pelong ya hae,
maoto a hae ha a thelle.
32 Ya kgopo o laletse ya lokileng,
o batla ho mmolaya.
33 Morena a ke ke
a mo tlohella matsohong a eo,
Morena a ke ke
a dumela hore a ahlolwe,
a fumanwe a le molato,
ha a qoswa.
34 Tshepa Morena,
o tiye tseleng ya hae;
o tla o phahamisa,
lefatshe e tle e be lefa la hao,
mme o bone ba kgopo ha ba fediswa.
35 Ke bone motho ya kgopo,
motho wa mohatelli,
a atleha sa fate sa leholela;
36 ka boela ka feta,
ka bona a se a le siyo;
ka mmatla,
a se ke a hlola a fumanwa.
37 Hlokomela ya phethehileng,
o tadime ya lokileng:
Motho wa kgotso
o tla ba le ditloholo;
38 empa baetsadibe
ba tla timetswa ho hang,
le ditloholo tsa ba kgopo
di tla fediswa.
39 Pholoho ya ba lokileng
e tswa ho Morena,
ke yena setshabelo sa bona
nakong ya tlokotsi.
40 Morena o a ba thusa, o a ba lopolla;
o tla nne a ba lopolle ho ba kgopo,
a ba pholose,
hobane ba tshabetse ho yena.