Thapelo ya ho ikopela thuso
1 Pesalema ya Davida.
Morena,
ako lwantshe ba ntwantshang,
o futuhele ba mphutuhelang.
2 Tshwara thebe le thejana,
o eme, o nthusetse.
3 Nka lerumo le kwakwa,
o thibe ba ntlhorisang.
Ere ho nna:
“Ke nna pholoho ya hao.”
4 Bao ba batlang bophelo ba ka,
ba ke ba hlajwe ke dihlong,
ba tlontlolohe;
bao ba ntherelang bobe,
ba ke ba tjhetjhe, ba ferekane.
5 Ba ke ba tshwane le mmoko,
mmoko o fefolwang ke moya,
ha lengeloi la Morena
le ba kgarametsa.
6 Tsela ya bona e ke e fifale, e thelle,
ha lengeloi la Morena le ba lelekisa.
7 Ba ntjhehile ka leraba ntle ho lebaka,
ba ntjheketse lemena ntle ho lebaka.
8 Tlokotsi e ke e ba wele hodimo,
e ba wele ka tsometso;
ba ke ba tshwaswe ke leraba
leo ba le tjhehileng,
ba wele lemeneng
leo ba le tjhekileng.
9 Jwale nna ke tla thabela Morena,
ke nyakallele ho pholoswa ke yena.
10 Masapo a ka wohle a tla re:
“Morena, ke mang ya kang wena,
wena molopolli wa mohlophehi
ho ya mo fetang ka matla,
le wa mohlophehi le mofutsana,
ho ya mo tlatlapang?”
11 Dipaki tse kgopo di eme lepaketla,
di mpotsa taba tseo ke sa di tsebeng.
12 Batho ba mputsa ka bobe
bakeng sa botle,
moya wa ka o qetwa ke bodutu.
13 Empa ha ba ne ba kula,
nna ke ile ka apara tse mahwashe,
ka itlhokofatsa ka ho itima dijo,
ka ba rapella ke sa kgaotse,
14 jwalokaha eka ke rapella motswalle,
kapa ke rapella ngwaneso.
Ka tsamaya ke iname, ke hlomohile,
jwaloka ya llelang mmae.
15 Ha ke ewa, ba a thaba,
ba a mpokanela;
ba mpokanele
ka mokgwa wa tsometso,
ba nkotle ba sa kgaotse.
16 Baphoqi ha ba phetse ho ntshoma,
ba ntsikitlanyetsa meno.
17 Morena, o tla shebella hoo
ho fihlela neng?
Pholosa bophelo ba ka
bataneng tse purumang;
ke bona feela,
bo pholose taung tsena.
18 Ke tla o boka phuthehong e kgolo,
e o rorise hara letshwelehadi.
19 Ba itshemmeng bora ho nna
ba se ithabise ka nna,
ba ntlhoileng ntle ho lebaka
ba se nnyemotse;
20 hobane ha ba bue tsa kgotso,
empa batho ba kgotso,
ba fatshe lena,
ba ba lohela mano.
21 Ba nkahlamiseditse melomo, ba re:
“Aha! Aha! Re o bone!”
22 Ke wena Morena, ya boneng;
se kgutse!
Morena, o se ke wa ba hole le nna.
23 Phaphama, tsoha, o nkahlolele,
lokisa nyewe ya ka,
Modimo wa ka, Morena wa ka.
24 Nkahlolele ho ya ka toka ya hao,
Morena Modimo wa ka,
batho bao ba tle ba se ke
ba ithabisa ka nna.
25 Ka dipelong tsa bona ba se re:
“Aha! Re mo fumane!”
Hape ba se re: “Re mo metsitse!”
26 Bao ba thabelang bobe ho nna
ba ke ba hlajwe ke dihlong,
ba ferekane mmoho;
bao ba iphahamisetsang nna
ba ke ba aparelwe ke dihlong,
ba tlontlolohe.
27 Ba kgahlwang ke ho loka ha ka
ba ke ba thabe, ba etse ditlatse;
kamehla ba re: “Morena o moholo,
yena ya kgahlwang ke kgotso,
kgotso ya mohlanka wa hae!”
28 Leleme la ka
le tla bolela ho loka ha hao,
le o rorise ka matsatsi wohle.