Lehlohonolo la ya tshwaretsweng dibe
1 Pesalema ya Davida. Thothokiso e nang le thuto.
Ho lehlohonolo
ya tshwaretsweng tlolo ya hae,
eo sebe sa hae se hlakotsweng.
2 Ho lehlohonolo motho
eo Morena a sa mmalleng molato,
eo moya wa hae o se nang thetso.
3 Ha ke ne ke sa kgutsitse,
ke ne ke opelwa ke masapo
ke ho dumaela letsatsi lohle.
4 Motsheare le bosiu
letsoho la hao le ne le nkimela,
moko wa ka o ne o omella
jwalokaha eka o tjheswa ke lebatama,
lebatama la lehlabula.
5 Ka ba ka ipolela sebe sa ka ho wena,
ka se ke ka pata molato wa ka;
ka re: “Ke tla ipolela
ditlolo tsa ka ho Morena;”
wena wa ntshwarela molato
wa sebe sa ka.
6 Ka baka leo, bohle ba tshepahalang
ba tla o rapela ka nako ya tsietsi.
Leha merallo ya metsi
e ka aparela hohle,
e ke ke ya fihla ho bona.
7 O setshabelo sa ka,
o tla mphemisa matshwenyeho;
o nteela hare, o a ntopolla.
8 Ke tla o ruta, ke o bontshe tsela;
ke tla o eletsa, ke o bee leihlo.
9 O se ke wa tshwana le pere
kapa mmeile,
tsona di hlokang kelello,
di thapiswang ka tomo le marapo;
ho seng jwalo o ke ke wa di laola.
10 Mahlomola a ya kgopo a mangata,
athe ya tshepileng Morena
o teetswe hare ke mohau wa hae.
11 Thabelang Morena, le nyakalle,
le nyakalle lona ba lokileng;
le etse ditlatse, lona ba pelo di ntle.