DIPESALEMA 30

Teboho ya ho pholoswa lefung

1 Pesalema ya Davida. Sefela sa ho kgakola tempele.

2 Ke a o tumisa, Morena,

hobane o mpholositse;

ha o a ka wa tlohela dira tsa ka

ho ithabisa ka nna.

3 Morena Modimo wa ka, ka ipiletsa,

ka ipiletsa ho wena,

mme wa mphodisa.

4 Morena, o nnyolotse

Nqalong ya Bafu,

wa nkgutlisa

ho ba neng ba theohela lebitleng.

5 Rokang Morena,

lona batshepuwa bohle ba hae,

le boke lebitso la hae le halalelang.

6 Kgalefo ya hae

ke ya motsotswana feela,

lerato la hae

ke la bophelo bohle ba motho.

Leha nka robala ka meokgo,

ha bo esa e se e le nyakallo.

7 Ha ke ne ke sa iketlile, ka na ka re:

“Nke ke ka sisinngwa le ka mohla!”

8 Morena, ka mohau wa hao

o ntshireleditse qhobosheaneng;

yare ha o mpatela fahleho sa hao,

ka tshoha haholo.

9 Ka ipiletsa ho wena Morena,

ka etsa thapedi ho Morena, ka re:

10 “O ka ruang ka madi a ka,

le ka ho theohela ha ka lebitleng?

Na bafu ba ka o boka,

kapa ba bolela botshepehi ba hao?

11 Ako nkutlwe, Morena,

mme o nkgauhele;

Morena, ako be mothusi wa ka!”

12 Bofifi ba ka o bo fetotse mohobelo;

o ntlhobodisitse thapo,

wa nkapesa seaparo sa thabo,

13 e le hore moya wa ka

o tle o o roke o sa kgaotse;

Morena Modimo wa ka,

ke tla o boka kamehla le mehla.